Sehopotso sa Aloysius Gonzaga, Moitlami.
Beke ea 11 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (12:1-10)
“Ke tla ithorisa ka mefokolo ea ka ke thabile.”
Bana beso! Ha eba ke tšoanela hore ke ithorise, (leha e se nepo), ke tla bua ka lipono tsa Morena. Ke tseba motho e mong ho Kriste, eo ho seng ho fetile lilemo tse leshome le metso e mene a ile a nkeloa leholimong la boraro; hore na e ne e le ka ‘mele, ha ke tsebe, kapa kantle ho ‘mele, ha ke tsebe, empa Molimo eena oa tseba.
‘Me ke tseba hore motho eo, hore na e ne e le ka ‘mele kapa kantle ho ‘mele, ha ke tsebe, empa Molimo eena oa tseba, o ile a nkeloa paradising, eaba o utloa mantsoe a ke keng a boleloa, ao motho a sa lumelloeng ho a bua.
Ha e le ka motho ea joalo, ke tla ithorisa, empa ha e le ka ‘na nke ke ka ithorisa ka letho ha e se ka mefokolo ea ka. ‘Me leha nka rata ho ithorisa, ha ke tl’o ba leoatla, hobane ke tla bolela ‘nete. Empa kea tlohela, esere mohlomong motho a nkhopolela se fetang seo a se bonang ho ‘na, kapa seo a se utloang ka ‘na.
Hore ke se ke ka ikhohomosa ka boholo ba litšenolo tsena, ke neheletsoe motsu nameng ea ka, lenyeloi la Satane le nkoahlelang e le hore ke se ka ikhohomosa! Tabeng ena, ka rapela Morena hararo hore hona ho tlohe ho ‘na.
Eaba o re: Thuso ea ka e u lekane, hobane matla a ka a iponahatsa ka mokhoa o phethehileng bofokoling. Ka baka leo ke tla ithorisa ka mefokolo ea ka ke thabile, ho tle ho ahe ho ‘na matla a Kriste. Ka hona ke thabela mefokolo ea ka, linyeliso, mathata, litlhoriso, litlallo, ka baka la Kriste; hobane ebile ha ke fokola ke hona ha ke le matla.
PESALEMA 33
LEMOHANG ‘ME LE BONE HORE MORENA O MOLEMO.
Lenyeloi la Morena le larile haufi le ba mo tšabang,
hore le tle le ba thusetse.
Lemohang ‘me le bone hore Morena o molemo;
ho lehlohonolo motho ea tšabelang ho eena.
LEMOHANG ‘ME LE BONE HORE MORENA O MOLEMO.
Tšabang Morena, lona bahalaleli bohle ba hae,
hobane ba mo tšabang ha ba hloke letho.
Litaoana li ka hloka, tsa lapa,
athe ba batlang Morena ba ke ke ba hloka tse molemo.
LEMOHANG ‘ME LE BONE HORE MORENA O MOLEMO.
Tlohong, bana ba ka, le ‘mamele:
Ke tla le ruta tšabo ea Morena.
Ke mang oa lona ea batlang ho phela,
le ho bona litšiu tsa boiketlo?
LEMOHANG ‘ME LE BONE HORE MORENA O MOLEMO.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (6:24-34)
“Le se ke la itoutisa ka tsa hosasane.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ha ho motho ea ka sebeletsang marena a mabeli; hobane o tla hloea e mong, a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong a khese e mong. Le sitoa ho sebeletsa Molimo le chelete.
Ka baka leo kea le bolella, le se ke la itoutisa ka tsa bophelo ba lona, hore na le tla ja’ng kapa le tla noa’ng, leha e le ka tsa ‘mele oa lona, hore na le tla apara’ng. Ana bophelo ha bo fete lijo, ‘me ‘mele ha o fete liaparo na? Talimang linonyana tsa leholimo; ha li jale, ha li kotule, ha li bokelle melikong, empa Ntat’a lona ea maholimo oa li fepa. Ebe lona ha le li fete ka bohlokoa?
Ke mang ho lona eo, ka ho itoutisa, a ka lelefatsang bophelo ba hae ka motsotso o le mong? Le itoutisetsa’ng ka liaparo? Shebang mehalalitoe ea naha hore na e hola joang: ha e sebetse ka thata, ha e ohle. Empa kea le bolella, esita le Salomone, letlotlong lohle la hae, ha a ka a apara joaloka o mong oa eona.
Joale ha e le moo Molimo a apesa joalo joang ba naha, bo bang teng kajeno, ‘me ka moso bo lahleloe seboping, na a ke ke a le hlokomela ho feta, lona ba tumelo e nyenyane? Ha ho le joalo, le se ke la itoutisa, la re: Re tla ja’ng? Re tla noa’ng? Kapa; Re tla apara’ng? Hobane ke bahetene ba ipatlelang tsena tsohle; athe Ntat’a lona ea maholimong o se a ntse a tseba hore tsena tsohle lea li hloka.
Pele ho tsohle, batlang ‘muso oa Molimo le ho loka ha oona, ‘me tseo tsohle le tla li ekeletsoa. Ka baka leo le se ke la itoutisa ka tsa hosasane, hobane la hosasane le tla itlhokomela. Letsatsi ka leng le lekanoa ke mathata a lona.
