Beke ea 11 har’a selemo
Labohlano
Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (11:18.21-30)
“Kantle ho tsena, ntho e ntšoenyang ka matsatsi ke tlhokomelo ea likereke tsohle.”
Bana beso! Ha e le moo ba bangata ba ithorisa ka mabaka a botho, le ‘na ke tla ithorisa. Moo motho a sa tšabeng ho ithorisa ke bua ka booatla le ‘na ha ke tšabe. Na ke Ba-Heberu? Le ‘na ke eena. Na ke Ba-Israele? Le ‘na ke eena. Na ke ba leloko la Abrahama? Le ‘na ke eena. Na ke bahlanka ba Kriste? Moo ke bua ka booatla, ke re: Kea ba feta. Ka ba mesebetsing e mengata-ngata; le lichankaneng ho feta bona, le lichapong ho tlolisa tekanyo, le lefung hangata-ngata.
Hahlano ka shapuoa ke Bajodi ka liphafa tse mashome a mararo a metso e robong, hararo ka shapuoa ka lithupa, hanngoe ka tlepetsoa ka majoe, hararo ka robeheloa ke sekepe. Ka hlola letsatsi le bosiu har’a boliba ba leoatle.
Ka ba maetong hangata, likotsing tsa linoka, likotsing tsa linokoane, likotsing tsa batho ba heso, likotsing tsa balichaba, likotsing metseng, likotsing lefelleng, likotsing leoatleng, likotsing tsa baena ba bohata!
Ka ba mosebetsing le bothateng, tlhobaelong hangata, tlaleng, lenyoreng, boitimong hangata, serameng le tlhobolong. Kantle ho tsena, ntho e ntšoenyang ka matsatsi ke tlhokomelo ea likereke tsohle. Ke mang ea fokolang, ‘na ke sa fokole? Ke mang ea khoptjoang, na ke sa utloe bohloko?
Ha eba ke tšoanela hore ke ithorise, ke tla ithorisa ka tsa bofokoli ba ka.
PESALEMA 33
MOLIMO O NTŠA BA LOKILENG MATŠOENYEHONG ‘OHLE A BONA.
Ke tla boka Morena ka nako tsohle,
molomo oa ka o tla mo roka kamehla.
Moea oa ka o ithorisa ka Morena.
Ba hlophehileng ba ke ba utloe, ba be ba thabe.
MOLIMO O NTŠA BA LOKILENG MATŠOENYEHONG ‘OHLE A BONA.
A re tlotliseng Morena, rona bohle,
bohle a re phafeng lebitso la hae hammoho.
Ke batlile Morena, ‘me a nkaraba;
a ba a mpholosa matsoalong ‘ohle a ka.
MOLIMO O NTŠA BA LOKILENG MATŠOENYEHONG ‘OHLE A BONA.
Mo talimeng, ‘me lifahleho tsa lona li tla khanya,
le ke ke la hlajoa ke lihlong.
Mohloki ke eo a hoeletsa; Morena a mo utloa,
‘me a mo pholosa litlallong tsohle tsa hae.
MOLIMO O NTŠA BA LOKILENG MATŠOENYEHONG ‘OHLE A BONA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (6:19-23)
“Moo letlotlo la hau le leng teng, pelo ea hau e tla ba hona teng.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Le se ke la ipokellela matlotlo lefatšeng, moo ho senyang tšoele le mafome, moo esitang le masholu a qhaqhang ‘me a utsoang; le mpe le ipokellele matlotlo leholimong, moo ho seng tšoele le mafome a senyang, moo ho seng masholu a qhaqhang ho utsoa. Hobane moo letlotlo la hau le leng teng, pelo ea hau le eona e tla ba hona teng.
Lebone la ‘mele ke leihlo. Ha eba leihlo la hau le phela hantle, ‘mele oa hau oohle o tla ba le leseli. Athe ha eba leihlo la hau le sa phele hantle, ‘mele oa hau oohle o tla ba lefifing. Ha ho le joalo, ha leseli le ka ho uena e ka ba lefifi, e tla ba lefifi le lekaakang!
