Beke ea 2 ea Paseka
‘Mantaha
Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (4:23-31)
“Ha ba qetile ho rapela, bohle ba tlala Moea o Halalelang, ‘me ba qala ho bolela Lentsoe la Molimo ka sebete.”
Matsatsing ao hoba Peterosi le Joannes ba lokolloe, ba boela ho ba habo bona, ‘me ba ba bolella tsohle tseo baprista ba baholo le baholo ba li buileng ho bona. Bao ha ba utloa hona, ba qala ho rapela Molimo ka lentsoe le phefa, ba le pelo-nngoe, ba re: Morena, ke uena ea entseng leholimo le lefatše, le leoatle le tsohle tse ho tsona; ke uena ea boletseng ka Moea o Halalelang, ka molomo oa ntat’a rona Davida, mohlanka oa hau, ua re: Lichaba li befile ke’ng, hona merabe e inahanela’ng ka mafeela-feelane na? Likhosi tsa lefatše li eme ka maoto, babusi ba kopane ho loantša Morena le Motlotsuoa oa hae.
Efela Heroda le Pilato ba ile ba kopana le balichaba le sechaba sa Israele, motseng ona, ho loantša Mohlanka ea Halalelang oa Hau Jesu, eo u mo tlotsitseng, ho tle ho phethahale tseo, matleng a hau le bohlaleng ba hau, u laetseng hore li etsahale.
Joale, Morena, ak’u talime litšokelo tsa bona, ‘me u nehe bahlanka ba hau ho bolela lentsoe la hau ka sebete sa ‘nete. Otlolla letsoho la hau ho folisa, ‘me u etse hore ho phethahale lipontšo le mehlolo ka lebitso la Mohlanka ea Halalelang oa Hau Jesu.
Ha ba qetile ho rapela, qalo eo ba neng ba phuthehetse ho eona ea reketla. Bohle ba tlala Moea o Halalelang, ‘me ba qala ho bolela Lentsoe la Molimo ka sebete.
PESALEMA 2
HO LEHLOHONOLO BA TŠABELANG HO MORENA.
Mofere-fere ke oa’ng har’a lichaba,
hona merabe e inahanela’ng ka mafeela-feelane?
“A re tsoeng litlamong tsa bona,
re lahle mahlaahlela a bona.”
Ea ahileng maholimong oa ba tšeha,
Morena o ba bona bophoqo.
“Ke ‘na ea behileng Khosi ea ka Sione,
thabeng e halalelang ea ka.”
Ke tla phatlalatsa taelo ea Morena.
Morena o itse ho ‘na:
“U Mora oa ka, ke u tsoetse kajeno.
u tla li pshatla ka lere la tšepe,
u li thuhe joaloka pitsa ea letsopa.”
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (3:1-8)
“Ntle le hore motho a tsoaloe bocha, a ke ke a kena ‘musong oa Molimo.”
Ho ne ho le teng har’a Bafarisi monna e mong ea bitsoang Nikodema, e leng setho sa Lekhotla la Bajodi. A tla ho Jesu bosiu, a re ho eena: Rabbi, rea tseba hore u moruti ea tsoang ho Molimo. Hobane ha ho motho ea ka etsang mehlolo eo u e etsang, ha e se ha Molimo a e-na le eena. Jesu a araba, a re ho eena: Ka ‘nete-nete, kea u bolella, ntle le hore motho a tsoaloe la bobeli, a ke ke a bona ‘muso oa Molimo.
Nikodema a re ho eena: Na motho a ka tsoaloa joang a s’a tsofetse? Na a ka boela a kena popelong ea ‘m’ae, hore a belehuoe hape? Jesu a araba, a re: Ka ‘nete-nete, kea u bolella, ntle le hore motho a tsoaloe ka metsi le ka Moea o Halalelang, a ke ke a kena ‘musong oa Molimo. Se tsoetsoeng ke nama, ke nama; se tsoetsoeng ke Moea, ke moea.
Se makale ha ke itse ho uena: e ka khona le tsoaloe la bobeli. Moea o fokela moo o ratang; u utloa molumo oa oona, empa u sa tsebe moo o tsoang teng le mo o eang teng: ho joalo le ho mang le mang ea tsoetsoeng ke Moea.
