Beke ea Paseka
Labobeli
Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (2:36-41)
“Bakang ‘me e mong le e mong oa lona a hlatsuoe ka lebitso la Jesu.”
Ka letsatsi la Pentekonta, Peterosi a re ho Bajodi: Ntlo eohle ea Israele e ke e tsebisise hore Jesu, eo lona le mo thakhisitseng, Molimo o mo entse Morena le Kriste.
Ha batho ba utloa tsena, ba sisimoha habohloko, ‘me ba re ho Peterosi le ho baapostola ba bang: Re tla etsa joang, banna ba heso?
Peterosi a re ho bona: Bakang ‘me e mong le e mong oa lona a hlatsuoe ka lebitso la Jesu Kriste, le tle le fumane tšoarelo ea libe tsa lona: ‘me le tla amohela Moea o Halalelang. Hobane pallo e etselitsoe lona le bana ba lona, le bohle ba leng hole, mang le mang eo Morena Molimo oa rona a tla ‘mitsa.
Peterosi o n’a ba lemosa ‘me a ba khothatsa ka lipolelo tse ling tse ngata, a re: Ipholoseng ho moloko ona o khopo. Ba ileng ba lumela polelo ea hae ba ile ba hlatsuoa. Tsatsing lona lena ha eketsoa palo ea barutuoa ka batho ba ka bang likete tse tharo.
PESALEMA 32
LEFATšE LOHLE LE TLETSE MOHAU OA MORENA.
Lentsoe la Morena ke la ‘nete,
le mesebetsi eohle ea hae e tiile.
O rata toka, o hloka leeme,
Lefatše lohle le tletse mohau oa Morena.
Mahlo a Morena a holim’a ba mo tšabang,
ba tšepileng mohau oa hae,
hore a ba phemise lefu,
a ba baballele bophelo nakong ea tlala.
Meea ea rona e lebella Morena,
ke eena thuso le thebe ea rona.
Mohau oa hau, Morena, o ke o be holim’a rona,
joaloka ha re u tšepile.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (20:11-18)
“Ke bone Morena ‘me o mpoleletse tsena.”
Ka nako eo, Maria Magdalena o n’a eme pel’a lebitla a nts’a lla. Ha a nts’a lla joalo, a inama a nyarela ka lebitleng. A bona manyeloi a mabeli a apereng liaparo tse tšoeu, a lutse moo setopo sa Jesu se neng se beiloe teng, le leng hlohong, le leng maotong. A re ho eena: Mosali, u llela’ng? A re ho ‘ona: Ba tlositse Morena oa ka, ‘me ha ke tsebe moo ba ‘meileng teng.
Eare a sa rialo, a reteleha ‘me a bona Jesu a eme moo, empa a sa tsebe hore ke eena. Jesu a re ho eena: Mosali, u lella’ng? U batla mang? Eena, ka ho hopola hore ke molemi oa serapa, a re ho eena: Monghali, haeba ke uena ea mo nkileng, mpolelle moo u ‘mehileng teng, ‘me ke tla mo lata.
Jesu a re ho eena: Maria! Eena a reteleha, a re ho eena; Rabboni! Ke hore: Moruti! Jesu a re ho eena: U se ke ua nthetsa, hobane ha ke e-s’o nyolohele ho Ntate: empa u ee ho bana beso u re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, eo e leng Ntat’a lona, ho Molimo oa ka eo e leng Molimo oa lona.
Maria Magdalena a ea bolella barutuoa a re: Ke bone Morena, ‘me o mpoleletse tsena.
