Molula-Setulo oa Likomiti tsa Lekala la Bophelo Paramenteng ea Lesotho, Mokhothu Makhalanyane o ipilelitse ho Lekala la Bophelo, Mekhatlo e Ikemetseng le balekane bohle bao lekala le sebetsang le bona toantšong ea lefu la Lefuba(TB), ho theha Komisi ea Sechaba ea Bophelo(PHC) e leng e tlang ho thusa ho loantša ‘moho mafu a kang HIV/AIDS, COVID-19 le a mang ho se a behelletsoeng ka thoko. O entse boipiletso bona ketekelong ea Letsatsi la Lefatše la Lefuba Maputsoe Seterekeng sa Leribe ka la 4 ‘Mesa 2025.
O boletse hore bona ka paramenteng ba ikemiselitse ho tla tšehetsa ka matla a maholo Lekala la Bophelo ho ntša TB ka metso kahare ho naha ka ho khakola ntho e bitsoang ‘TB Coccus’ e le sesupo sa hore litho tse khabane tsa Paramente ea Lesotho li ikemiselitse hore ka selemo sa 2030 TB e be e le pale ea maobane.
O re TB re ka e hlola ha feela re ka sebelisa mekhoa ea kalafo e sebelisoang bakeng sa mafu a kang a HIV/AIDS le COVID-19, “e kang ea ho hlahloba hore na motho ea tšoeroeng ke TB ke bafe bao a tsoang ho bona, a amanang le bona le bao a kopaneng le bona. Ka tsela e joalo ho tla ba bobebe hore re e ntše ka metso.” O boletse joalo a bile a eketsa ka hore ho
lokela ho be le likamano tse tebileng tsa ho loantša lefu lena le Naha ea Afrika Boroa le boemong ba tikoloho, Litsi tsa Lichankana le tsa sepolesa. A tiisa hore ho tlameha hore ho fetoloe maemo a bophelo kahare ho tsona e le ho qoba tšoaetso kaha e le tsona tse nang le lipalo tse ngata haholo tsa batho ba phelang ‘moho.
A re ka PHC e tla kopanya mafu ‘moho Basotho ‘me ba tla tseba ho kenya letsoho le toma ho sebetsa ‘moho ho felisa lefu lena. A re morero ke hore ka selemo sa 2030 lefu lena la be le felile kahare ho naha etsoe linaheng tse ling TB e se e le tšomo feela.
Lebitsong la Mekhatlo e Ikemetseng Moemeli oa WHO, Dr. Innocent Bright Nuwagira o itse pheko e kholo ea lefu la TB ke ho sebetsa ‘moho toantšong ea lona le ho kenya linala mobung ho le ntša ka metso.
Champion ea TB Monghali Matela Matela ea kileng a tšoaroa ke lefu lena, o tiisitse hore TB e’a phekoleha empa e hloka batho hore ba ipaballe. A kopa batho bohle ho hlahlobela lefu lena e le hore ba tsebe ho fumana pheko e sa le nako.
