Mokhatlo oa Lesotho oa Litichere tsa Lithuto tsa Mahlale le Lipalo (LSMTA) o abetse barutoana ba 39 ba Likolo tsa Mathomo le ba 21 ba Likolo tse Phahameng likhau, ba ipabotseng lithutong tsa Maths, Biology le Science lihlahlobong tsa bona tsa mapolemo tsa Grade 7, LGCSE le IGCSE ngoahola. Mokete ona o bile Victory Hall, Maseru ka la 22 Tlhakubele 2025.
Ke hona moketeng ona moo litereke tsa Leribe le Maseru li ileng tsa itlhoma boemong ba pele ka barutoana ba bangata ba sebelitseng hantle lithutong tsa Science, Biology le Maths. H’a bua ketekelong ena lebitsong la Lekala la Thuto le Koetliso Motsamaisi oa Likolo tse Bohareng, Monghali Andreas Marole o itse botle boo barutoana ba bo bontšitseng ba bo ntšetsepele ba se khaotse.
A ba kopa ho tsepamisa maikutlo a bona lithutong, ba se tatele ho nyaloa kapa ho nyala. “Botle boo re bo bonang ho lona kajeno re bo bone le lilemong tse tlang.” O boletse joalo a bile a phaella ka hore lithuto tsa Maths le Science li fapakane haholo le lithuto tse ling kaha Maths motho oa o etsa ha Science motho a e phela.
A re lithuto tsena ke karolo ea bophelo ba motho ea letsatsi ka leng, ‘me ba tlameha ho li etsa le ho li phela bophelong ba bona. A re ba motlotlo haholo hore e be barutoana ba sebelitse hantle, ‘me likhau tsena li ba ise ntoeng hoba tsela eona e sa le telele ka pele ho bona. Ka hona ba lokela ho ithuta ka thata ho feta mona.
H’a fana ka puo lebitsong la batsoali, Monghali Motlohang Mosothoane o itse, “bana ba re entse batho e bile rea tsebahala ka lebaka la bona.” A ba lebohela ka mosebetsi oa bona o motle ‘me a ba kopa ho sebetsa ka thata ho feta mona kaha ba sa le qalong haholo ea bophelo ba bona. “Re le lakaletsa katleho mosebetsing ona oa lona o motle le tsoele pele ka lithuto tsa lona molemong oa bokamoso ba lona.” Ke Mosothoane eo.
Lebitsong la barutoana ba atlehileng, Seithati Moeletsi eo hlathe e neng e lelekisa tsebe ke thabo o lebohile tšehetso e matla eo ba e fumaneng ho tsoa ho batsoali, litichere le metsoalle ea bona. A tiisa hore ba ikemiselitse ho sebetsa ka thata ho feta mona.
President ea LSMTA Keketso Leteba o lebohile bohle ba atlehisitseng mokete ona. Ka ho khetholoha a leboha bafani, litichere le batsoali kaha hoja e ne e se ka bona mokete ona o sa ba teng.
