Beke ea 7 har’a selemo
Labohlano
Ho baloa Bukeng ea Siraka. (6:5-17)
“Bohlokoa ba motsoalle ea tšepahalang bo ke ke ba lekanngoa.”
Ho bua hantle ho eketsa metsoalle, ho qoqa hamonate ho buseletsoa ka mosa. Ba be bangata bao u phelisanang ka khotso le bona, empa a le mong feela ho ba sekete e be moeletsi oa hau.
Ha u batla motsoalle qala ka ho mo nonya, u se potlakele ho beha tšepo ea hau ho eena. Hobane e mong ke motsoalle ka nako eo a ratang, empa mohla u oetseng tsietsing ha e sa le eena. E mong ke motsoalle ea fetohang sera, ea u hlabisang lihlong ka ho totobatsa qabang ea lona. E mong ke motsoalle ea jang le uena, empa mohla u oetseng tsietsing ha e sa le eena. Ha u atlehile, o tla ipapisa le uena, a phutholohe ka har’a lelapa la hau; empa ha u ka theoha boemong boo, o tla u fetohela, ha u sa tla ‘mona.
Qoaea lira tsa hau, empa u hlokomele le eona metsoalle ea hau. Motsoalle ea tšepahalang ke tšireletso e matla, ea mo fumaneng o fumane letlotlo. Motsoalle ea tšepahalang o feta chelete, bohlokoa ba hae bo ke ke ba lekanngoa. Motsoalle ea tšepahalang ke setlhare se phelisang, o tla fumanoa ke ba tšabang Morena. Ea tšabang Morena o tla etsa setsoalle se lokileng: hobane kamoo a leng kateng, le molekane oa hae o tla ba joalo.
PESALEMA 118
MORENA, NTATAISE TSELENG EA MELAO EA HAU.
U bokoe Morena!
Nthute thato ea hau.
Leleme la ka le lokolisa
likahlolo tsohle tse tsoang molomong oa hau.
Thabo ea ka ke ho phetha thato ea hau,
nke ke ka lebala lentsoe la hao.
Ntutubolle mahlo,
ke tle ke bohe tse tsotehang tsa Molao oa hau.
Nthuse ho utloisisa tsela ea litaelo tsa hau,
ke tle ke inahane ka tse tsotehang tsa hau.
Nqobise tsela ea thetso,
u ntšitse ka Molao oa hau.
Mphe kutloisiso, ke tle ke latele Molao oa hau,
ke o boloke ka pelo ea ka eohle.
Ntataise tseleng ea melao ea hau,
hobane e nkhahlile.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (10:1-12)
“Seo Molimo a se kopantseng, motho a se ke a se arohanya.”
Ka nako eo, Jesu a tla tikolohong ea Judea, mose ho Jordane. Matšoele a mangata a boela a bokana ho eena, ‘me eena a ruta batho, kamoo a neng a tloaetse kateng.
Bafarisi ba tla ho Jesu, ba ‘motsa ka ho mo leka, ba re: Na monna o lumeletsoe ho hlala mosali oa hae?
Empa eena a araba, a re ho bona: Moshe o le laetse’ng na? Bona ba re: Moshe o re lumeletse ho ngola lengolo la hlalo le ho mo lokolla.
Jesu a ba fetola, a re: Ke ka baka la bothata ba lipelo tsa lona ha Moshe a le ngoletse taelo ena; empa tšimolohong ha Molimo a bopa batho o ile a ba etsa e le e motona le e motšehali. Ka baka leo monna o tla siea ntat’ae le ‘m’ae, a khomarele mosali oa hae, ‘me ba babeli e tla ba ntho e le ‘ngoe. Ha ho le joalo ha ba sa le babeli, e se e le ntho e le ‘ngoe. Seo Molimo a se kopantseng motho a se ke a se arohanya.
Ha ba boetse ba le ka tlung, barutuoa ba hae ba ‘motsa ka taba eo hape. A re ho bona: Mang le mang ea hlalang mosali oa hae a nyala e mong, o siteloa oa pele ka bofebe. ‘Me ha mosali a hlala monna oa hae, a nyaloa ke e mong, oa feba.
