Vinkmag ad

La 7 Hlakola 2025

Beke ea 4 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Lengolong ho Ba-Heberu. (13:1-8)

Jesu Kriste e ntse e le eena, maobane, le kajeno le kamehla eohle.

Bana beso! Lerato la boena le ke le tiee har’a lona. Se lebaleng kamohelo ea baeti; ka eona ba bang ba ile ba amohela manyeloi ha bona, ba sa tsebe. Hopolang batlamuoa, joaloka hoja le le ba tlamiloeng hammoho le bona, le ba mahlomoleng hobane le lona le sa le ‘meleng.

Lenyalo le hlonepshoe ke bohle, ‘me liphate li hloke sekoli, hobane lihlola le lifebe, Molimo o tla li ahlola.

Metsamao ea lona e hloke bokhonatha. Le khonoe ke seo le nang le sona, hobane Molimo o itse: Nke ke ka u furalla, nke ke ka u lahla. Ka baka leo re bolela ka tšepo, re re: Morena ke mothusi oa ka, nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?

Hopolang balisa ba lona ba le boleletseng lentsoe la Molimo, ‘me ha le talima qetello ea bophelo ba bona, le ba etsise tumelong ea bona. Jesu Kriste e ntse e le eena, maobane, le kajeno le kamehla eohle.

PESALEMA 26

MORENA KE LESELI LA KA LE PHOLOHO EA KA.

Morena ke leseli la ka le pholoho ea ka,

nka tšaba mang?

Morena ke tšireletso ea bophelo ba ka,

nka tšosoa ke mang?

Leha mphi ea lira e ka lara pel’a ka,

pelo ea ka e ke ke ea tšoha letho,

Leha nka hlaseloa ka ntoa,

le teng ke sa ntsane ke tšepile.

Hobane o tla ntšireletsa tlung ea hae

tsatsing le malimabe,

a mpate ka hare-hare ho motlotloane oa hae,

a ntlhoesetse holim’a lefika.

Ha ke e-s’o lebale hore u itse:

Ehlile kea se batla, sefahleho seo sa hau, Morena;

u se ke ua mpatela sona,

khalefong ea hau u se ke ua tebela mohlanka oa hau,

uena mothusi oa ka.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (6:14-29)

“Joannes eo ke mo khaotseng hloho, ke eena ea tsohileng bafung.”

Ka nako eo, morena Heroda a utloa tsa Jesu, hobane lebitso la hae le ne le tumme haholo. Ba bang ba ne ba re: Joannes Mohlatsoi o tsohile bafung: ke ka baka leo a nang le matla a ho sebetsa mehlolo ena. Empa ba bang ba ne ba re: Ke Elia. Ba bang hape ba re: Ke moprofeta ea joaloka e mong oa baprofeta. Heroda ha a utloa tseo a re: Joannes eo ke mo khaotseng hloho, ke eena ea tsohileng bafung.

Heroda o ne a ile a romela batho ho ea tšoara Joannes, a mo kenya chankaneng ka baka la Herodiase eo Heroda a neng a mo nyetse, leha e ne e le mohats’a Filipi ngoan’abo. Efela Joannes o n’a re ho Heroda: Ha ho lumellehe hore u nke mosali oa ngoan’eno.

Ha e le Herodiase, eena o n’a hloile Joannes haholo, a batla ho ‘molaea, a mpa a sitoa, hobane Heroda o n’a mo tšaba, ka ho tseba hore ke motho ea lokileng, ea halalelang, ‘me o n’a mo sireletsa. Hoba a mo utloe, o n’a tsieleha haholo; leha ho le joalo, o n’a mo mamela a se na lekhonono.

Empa monyetla oa hlaha, ka letsatsi la khopotso ea tsoalo ea Heroda. A etsetsa mahosana le balaoli ba hae le batho ba baholo ba Galilea mokete oa lijo. Eare hoba morali oa Herodiase a kene, a etsa chao, ‘me a khahlisa Heroda le ba neng ba le lijong le eena.

Eaba morena o re ho moroetsana: Nkope seo u se ratang, ke tla u fa sona. A ba a mo hlapanyetsa, a re: Sohle seo u tla se kopa, ke tla u fa sona, leha e ka ba karolo ea bobeli ea ‘muso oa ka.

Moroetsana a tsoa, a fihla, a botsa ‘m’ae, a re: Ke tla kopa’ng na? Eo a re: Hloho ea Joannes Mohlatsoi. Hang a potlakela ho boela ho morena, a kopa, a re: Ke rata hore hona joale u mphe ka mokeke hloho ea Joannes Mohlatsoi.

Morena a soaba haholo, empa ka baka la boikano ba hae le ka baka la ba neng ba le lijong le eena o n’a sa batle ho mo hanela. Hang a roma e mong oa balebeli, a mo laela hore a tlise hloho ea Joannes Mohlatsoi.

Molebeli a ea, a fihla a mo khaola hloho ka chankaneng: a nt’o tlisa hloho ea hae ka mokeke, a e nehela ngoanana, ‘me ngoanana a e nehela ‘m’ae.

Eitse ha barutuoa ba Joannes ba utloa hoo, ba tla ho nka setopo sa hae, ‘me ba se boloka lebitleng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 6 Hlakola 2025

Read Next

La 8 Hlakola 2025

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular