Vinkmag ad

La 5 Hlakola 2025

Sehopotso sa Agatha ea Halalelang, Movirigo le Moshoela-Tumelo

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Hosea. (2:14.15.19-20)

“Ke tla inyalla uena ho isa khale.”

Ke sena seo Morena a se bolelang: Ke tla isa Israele feelleng, ke bue tse mo hlatsoang pelo. Moo o tla nkaraba joaloka ha a sa le mocha, joaloka mohla a tsoang lefatšeng la Egepeta. Ke tla inyalla uena ho isa khale, ke inyalle uena ka tšoanelo le ka toka, ka lerato le ka mohau. Ke inyalle uena ka botšepehi, hore u tle u tsebe Morena.

PESALEMA 148

ALLELUIA

Rorisang Morena, lona tsohle tse maholimong,

mo roriseng liphahameng.

Mo roriseng, lona manyeloi ‘ohle a hae,

mo roriseng, lona makhotla ‘ohle a hae.

Lona marena a lefatše, le lona lichaba tsohle,

lona mahosana le baahloli bohle ba lefatše,

lona bahlankana le lona baroetsana,

lona maqheku le lona ba bacha.

Ba ke ba rorise lebitso la Morena,

hobane lebitso la hae le inotši

botlotlehi ba hae bo phahametse leholimo le lefatše,

‘me o matlafatsa sechaba sa hae.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (19:3-12)

“Ke ka baka la bothata ba lipelo tsa lona, ha Moshe a le lumeletse ho hlala basali ba lona; empa ho ne ho se joalo tšimolohong.”

Ka nako eo, Bafarisi ba tla ho Jesu ka ho mo leka ba re: Na monna o lumeletsoe ho hlala mosali oa hae ka lebaka lefe kapa lefe?

A araba a re ho bona: Ha le e-s’o bale hore ea bopileng motho tšimolohong, o ba bopile e le e motona le e motšehali? ‘Me a re: Ka baka leo, motho o tla siea ntat’ae le ‘m’ae, ‘me o tla khomarela mosali oa hae, ‘me ba tla ba babeli nameng e le ‘ngoe. Ka baka leo, seo Molimo a se kopantseng, motho a se ke a se arola.

Ba re ho eena: Joale ke ka baka la’ng, hạ Moshe a laetse ho neha mosali lengolo la hlalo le ho mo lokolla na? A re ho bona; Ke ka baka la bothata ba lipelo tsa lona, ha Moshe a le lumeletse ho hlala basali ba lona; empa ho ne ho se joalo tšimolohong. ‘Me ke re ho lona: Mang le mang ea hlalang mosali ha e se haeba e le nyatsi -‘me a nyala e mong, oa feba; ‘me ea nyalang mosali ea hlaliloeng oa feba.

Barutuoa ba re ho eena: Haeba taba ea monna ea nang le mosali e le tjena, ha ho thuso ho nyala. A re ho bona: Ha se bohle ba amohelang lentsoe leo, ha e se ba nehiloeng joalo. Ho na le ba sa nyaleng, hobane ba tsoetsoe ke bo-m’a bona ba sitoa; ‘me ho na le ba sa nyaleng hobane ba entsoe joalo ke batho; ‘me ho na le ba sa nyaleng, hobane ba ikhethetse joalo, ka baka la ‘muso oa maholimo. Ea ka amohelang hona, a ho amohele

Vinkmag ad

Read Previous

La 4 Hlakola 2025

Read Next

La 6 Hlakola 2025

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular