Litho tsa Kopano ea Bana Ba Maria tsa Deanary ea Mazenod, li tlil’o simolla selemo se secha ka ho tšoara potoloho ea matsatsi a mabeli boemong ba Deanary, ‘Mishoneng oa St. Louis, Matsieng ka la 18 ho isa la 19 Pherekhong monongoaha ka morero oa ho bopa bonngoe le ho holisa kopano.
Puisanong le Mookameli oa Kopano ea Bana ba Maria oa Parish ea Maria Mofumahali oa Lefatše, Mazenod ka la 12 Pherekhong 2025, Sylvia Tlabaki o boletse hore litho tsohle tsa Kopano li lokela ho tla inkela monko o monate o tšoanang le oa Maria Movirigo e leng monko oa bohloeki, mamelo le ho intlafatsa bophelong ka kakaretso ka ho ba teng potolohong ena e bulang selemo kaha e ba fuparetse lithuto tsa bohlokoa tse tlilo ba matlafatsa selemo kaofela.
A bontša hore e ka ba tlotla e kholo ha litho tsohle tsa Deanary li ka ba teng, e le ho qala selemo ka mafolo-folo ka ho phetha thomo ea tsona pele ho tsohle. A supa hore potoloho e bohlokoa haholo kaha ke hona moo kamehla ba sielang ‘mishone kapa parish eo ba e etetseng bakokoti ba bacha ba ratang ho ba litho tsa kopano ka ho etsa senyamo, ho bacha bohle ba teng mohla letsatsi la ho qetela la litšebeletso tsa Sehlabelo se Halaleng sa ‘Missa.
A re o khotsefe haholo ke hore selemo le selemo ho ntse ho ba le bakokoti, empa qholotso e kholo eo ba shebaneng le eona ke hore lipalo tsa bona li fokola haholo. A re bona e le ba Maria Mofumahali oa Lefatše ba tlilo etsa moralo o hlakileng oa ho etela bacha le Kopano ea Masolenyana a Kriste Morena, ba seng ba le lilemong tsa ho titimela ho ba bontša bohlokoa ba ho ba litho sa Kopano ea Bana ba Maria.
A re qholotso e ‘ngoe e kholo eo ka nako tse ling litho li sa eng ka bongata lipotolohong ke hobane li fana ka sebopeho sa lireterete moo ba nkang matsatsi a mangata, ‘me sena se fana ka boima bo boholo ho batsoali kaha e le linakong tseo bana ba lefelloang lichelete tse boima tsa sekolo ebe moo ba bang ba sitoang ho ea lipotolohong. “Ho ka ba bonolo haeba re ne re ea potolohong letsatsi le le leng re sa il’o roabaletsa, empa re ea re khutla. Lipalo li ka eketseha haholo.” O boletse joalo a bile a phethela ka ho ba hopotsa hore Maria Movirigo o ikemiselitse ho ba sireletsa le ho ba baballa ka linako tsohle kaha e le eena Areka ea Selekane se secha le ‘M’a Kereke. Ka hona bohle ba tla tšepahalla ‘M’a rona ba tla tlotloa ka ho nkeloa leholimong ka meputso ea bona e ba lokelang.
