Morero oa Ntlafatso oa Lihoai tse ntseng li Thuthuha(SADP) ka tšebelisano ‘moho le Lekala la Temo le Kanetso ea Lijo, li tšoaretse bahlahisi ba likhoho tsa nama le mahe thupelo ea pele ea mofuta oa eona, ka sepheo ho itlhahloba le ho thakelana ka malebela mabapi le ho fenya liqholotso tseo ba iketsetsang tsona ho sitisa likhoebo tsa bona ho hola. Thupelo ena e bile Good Night Lodge, Thaba-Bosiu ka la 8 ho isa la 9 Pherekhong monongoaha.
Morupeli ho tsoa ho SADP tlasa Lefapha la Khahlametso ea Lihoai ka Lichelete, Monghali Relebohile Khatibe o re kamora ho ela hloko sekhahla se phahameng haholo, seo Naha ea Lesotho e rekang nama ea khoho kantle le tlhahiso e fokolang haholo ea mahe, ba ile ba memela lihoai tse tšehelitsoeng ke SADP thupelong, ho tla etsa boitlhahlobo le ho utloa hore na liqholotso tseo ba kopanang le tsona, tse ba sitisang hore ba be boemong ba ho hlahisa ka tsela e holimo e le ho fokotsa sekhahla sa tse hlahang kantle ho naha na ke sefe.
Lihoai li bile ntsoeleng hore a mang a mathata ao ba ipakelang ona ho sitisa likhoebo tsa bona, a kenyeletsa hara a mang a mangata ho ja chelete ea khoebo, ho hloka botšepehi, ho se tsotelle, ho hloka lerato la khoebo le ho se tsebe ho arola khoebo le litaba tsa lelapa.
A supa hore kamora ho fumana liqholotso tsena, tseo ba li bakelang likhoebo tsa bona, esitana le liqholotso tse ling tse akaretsang likhoebo tsa bona, ba shebisane hore na ka lihlahisoa tsa bona ha ho mekhoa e meng eo ba ka fokotsang sekhahla seo Lesotho le rekang nama ea khoho le mahe kantle ho naha.
A re e le ho fihlela sena sehoai ka seng se lokela ho qala pele ka ho loantša mathata ao se a bakelang khoebo ea sona. Ka hona sehoai se ka tseba ho bona kholo khoebong ea sona, ‘me sekhahla seo naha e rekang lihlahisoa tsa nama ea khoho le mahe kantle se ka tseba ho theoha.
Mofumahali ‘Makwane Lekau oa Lekala la Temo ho hlaha Lefapheng la Limmaraka le Lihlahisoa tsa Khoho, o itse lihoai li lokela ho bona hore li hlahisa nama le mahe tse lekaneng hore li ka jeoa tsa ba tsa rekoa kahare ho naha. A tiisa hore lipalo li bontša ha karolo ena ea tlhahiso ea nama le mahe a likhoho, e hlile e kikitlela e sa hole e eme nqa e le ‘ngoe, ha ka lehlakoreng le leng lipalo tsa nama ea kholo le mahe tse kenang kahare ho naha li phahame haholo. A ipiletsa ho lihoai ho ema ka maoto ho loantša boemo bona.
E mong oa lihoai Monghali Mareka Mareka o itse motho o ithuta kamehla, ‘me a leboha SADP ka thusa eo e ba etsetsang eona ea ho ba ba tlela batho ba nang le litsebo ho ‘na ba ba hlahlella ka malebela kaha sena se ba thusa ho fenya tse ling tsa liqholotso tsa bona.
