Lelapa la ntate Thabo Tohlang le ‘m’e ‘Matumelo Tohlang le ketekile Jubilee ea lilemo tse 100, ntate Thabo Tohlang a hlahile le ho tšoaea lilemo se 69 ba kopantsoe ka Sakramente e Halalelang ea Lenyalo ka selemo sa 1956. Mokete ona o neng o tšoaretsoe lapeng ha bona motseng oa Ha Nko, Mazenod ka la 21 Tšitoe monongoaha o ile oa simolla ka tšebeletso e khutšoanyane ea thapelo, ke Setho sa Kopano ea Lelapa le Halalelang, Sr. Marcelina Molise.
Molise o entse thapelo ea hae a ipapisitse le Rafaele Moarekanyeloi moo a boletseng hore ke mosireletsi oa Sakramente e Halalelang ea Lenyalo. A re mohlankana kapa moroetsana h’a batla ho qala bophelo ba lenyalo Rafaele Moarekanyeloi a ka mo thusa ho etsa khetho e nepahetseng. A re o boetse o thusa le batho ba seng ba ntse ba phela manyalong.
A re o khethile ho etsa thapelo ea Rafaele Moarekanyeloi hobane Morena Molimo a hlohonolofalitse lelapa la Tohlang ka ho phela lilemo tse ngata, ba ntse ba le ‘moho, ka thapelo ena o se a ba kopela hore a tsoelepele ho ba hlohonolofatsa ho isa bophelong bosafeleng. “Hlonepha batsoali ba hau, ha u ntse u phela lefatšeng, u tle u tsebe ho phela hantle.” Ke Sr. Molise eo.
Motsoalle oa hae Monghali Lebeko Libate o boletse hore ba phetse le ho sebetsa ‘moho le ntate Thabo merafong ea Afrika Boroa, ‘me ho tloha ka nako eo le ho fihlela kajeno haesale a mo tsebile e le motho oa khotso ea nang le lerato ho batho bohle. Ka hona a mo lebohela haele mona a qeta lilemo tse 100 le tse 69 tsa lenyalo Morena Molimo a ntse a ba baballetse. “Re lebohela le bana ba hae le bohle, ‘me re ba kopela bophelo bo botle.”
Puisanong e khethehileng le mora oa hae, Monghali Tseko Tohlang, o qalile pele ka ho hlalosa nalane ea bophelo ba motsoali oa hae, ‘me a leboha Morena Molimo haele mona ba ntse ba tlamahane ka Sakramente ea Lenyalo. A kopa Molimo hore a ‘ne a ba ekeletse bophelo bo botle ba ‘mele le ba moea etsoe ntate Thabo a se a fetile lilemo tsa pallo. A re ho fihlela moo ba leng teng kajeno ha ho ha ka ha e-ba bonolo kaha ba nyolohile meepa ba theoha metheo, empa ka ho jarelana mefokolo le ka thapelo kaha e le Litho tsa Kopano ea Lelapa le Halalelang ba fihletse seo e sa leng ba se laba-labela bophelong ba bona. H’a laea bacha o itse ba lokela ho rata le ho hlompha batsoali ba bona, ba se ke ba bapala ka bona. A ipiletsa ho bona ho nka mohlala oa bophelo ba lenyalo ho ba ketekang kajeno.
