Vinkmag ad

Ba amohela Eukariste

Moprista oa Parish ea Maria Mofumahali oa Lefatše, Fr. Patrick Khoaele OMI, o abetse bana ba 136 Sakramente e Halalelang ea Eukariste, moketeng o moholo oa tsoalo ea Morena Jesu Kriste o bileng hona Parishing ea Maria Mofumahali oa Lefatše, Mazenod ka la 25 Tšitoe ngoahola.

H’a fana ka khothatso o boleletse phutheho ea bakriste ba hore haele hantle Kriste o tsoaletsoe lipelong tsa bona tse sa hloekang joaloka maemo a tšoanang hantle le ka moo ho koalloang liphoofolo.

A re ha se ka lebaka la mesebetsi ea rona e metle Morena Molimo a ileng a romela Kriste lefatšeng, empa ke ka mohau le lerato la hae e le ho re  ntša hara mafifi a lintho tse ngata tsa lefatše lena. A re ka mokete ona oa tsoalo ea Morena Jesu Kriste re lokela ho phela ka thabo le nyakallo tseo re lokelang ho tloha ka tsona re li jere, ho ea phela ka tsona kamehla bophelong ba rona.

“Ke mokete oa thabo le nyakallo. Re amohetse tsoalo ea Jesu Kriste, ‘me re amohetse mohau holima mohau le lerato holima lerato.” O boletse joalo a bile a eketsa ka hore Jesu Kriste eo re mo tsoaletsoeng ke lentsoe la Morena Molimo, ‘me ke lentsoe leo e sa leng le le teng ho tloha tšimolohong. “Lentsoe leo e ne e le Molimo ‘me le entse lintho tsohle tse teng mona lefatšeng.” A rialo.

H’a tsoelapele ka khothatso ea hae, hara tse ling tsa lipotso tse kholo tseo a ileng a li botsa baamohelisuoa ke hore na Sakramente ea Eukariste ke’ng? Le hore na Tumelo ke’ng? Baamohelisuoa ba ile ba bolela ka makhethe a maholo hore Eukariste ke ‘mele le mali a Jesu Kriste, Moea le Bo-Molimo ba hae ka sebopeho sa bohobe le veini. Ba re Tumelo ke neo ea Molimo e re thusang ho kholoa ruri, linnete tsohle tse senotsoeng ke Molimo. “Ke ka tumelo re matahanang le Molimo.” Ke Fr Khoaele eo.

Ha Sehlabelo sa ‘Missa se fihla pheletsong lebitsong la batsoali Monghali Lehlohonolo Mohale o ile a leboha barupeli ka mosebetsi o bokhabane oo ba o etsang ka lerato le ka boithaopo oa ho bopa bakriste ba kajeno le kamoso. A ipiletsa ho batsoali ba bana ho ema ka maoto ho phethahatsa boikarabello ba bona ba ho alosa kholiso ea bana ba qetang ho amohela.

Vinkmag ad

Read Previous

O keteka lilemo tse 100 tsa tsoalo

Read Next

 Ba hopola bashoela-tumelo

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular