Ho phela le tšoaetso ea HIV ha se kahlolo ea lefu, ha se ho bolela hore ho felile ka bophelo ba rona, haeba re se re le boemong boo re seng re phela le HIV ha re atameleng litsing tsa bophelo ho fumana thuso, tataiso le litlhare tsa rona, ‘me re li noe ka botšepehi ka linako tsohle hore bophelo ba rona bo tsebe ho baballeha.
Tsena li boletsoe ke Mookameli oa Mananeo oa Komisi ea Naha ea Toantšo le Thibelo ea Kokoana-hloko ea Lefu la HIVAIDS(NAC), Mofumahali Tiisetso Piet ‘mokeng oa bacha o neng o tšoaretsoe Lebaleng la Swallows, Mazenod ka la 19 Tšitoe monongoaha moo a bontšitseng hore bacha ba lokela ho tšepahalla litlhare haeba ba phela le tšoaetso ea HIV, ‘me bao e bang tšoaetso ha e-s’o be teng ba tšoanela ho nka mehato e matla ea ho ipaballa ka ho qoba ho kena thobalanong haholo-holo lilemong tse tlase.
A bontša hore boemo ba HIV kahare ho Naha ea Lesotho mosebetsi boholo o se o entsoe ebile Lesotho ke ea tse ling tse atlehileng ho fokotsa sekhahla haholo. A re ho tloha ka selemo sa 2010 ho fihlela monongoaha Lesotho kahar’a Tikoloho ena e ka Boroa ho Afrika e atlehile ho fokotsa litšoaetso tse ncha tsa HIV ka 74% “empa boithuto bo entsoeng selemong sena, bo supa hore ka selemo sa 2020 litšoaetso tse ncha e ne e le 5,000, ha ka 2023 sekhahla sa tšoaetso se theohile ka 4,800.
A tiisa hore e ‘ngoe e ka sehlohong e bakang keketseho ea litšoaetso tse ncha ke tlhekefetso ea motabo le mefuta e meng e etsang hore letlalo la motho le bulehe mali a tsoe. A ipiletsa ho bacha ho etsa sohle se matleng a bona ho qoba lintho tse ka qetellang li ba senyelitse bokamoso ba bona. “Hantle ho ba mocha ke ntho e monate haholo, bapalang ka polokeho le sa kene linthong tse tla le sitisa hore le tle le qetelle le e-na le bokamoso bo phethahetseng.” Ke Piet eo.
Molula-Setulo oa Komiti ea Bacha ea Toantšo le Thibelo ea Kokoana-koana ea HIV(NACYC) e ikarabellang tlasa NAC, Nahano Lebona o entse kopo e khethehileng ho bacha ho tla ka maoala a moshoelella a tlang ho thusa ho loantša boemo ba tlhekefetso ea basali le bana, kaha ho bonahala e le eona e ntseng e phahamisa litšoaetso tse ncha kahare ho bacha. A supa hore ke boikarabello ba mocha ka mong ho bona hore litlhekefetso le HIV/AIDS li ile meriting.
Mocha ea phelang le HIV, Tšepang Maboee o bont’sitse hore ho phela le HIV ha se boikhethelo ba motho. Ka hona a khalema bacha ka thata ho se khetholle le ho nena bacha ba phelang le eona, “ho bohlokoa hore u ‘ne u hopetse motho ea phelang le HIV ho noa litlhare tsa hae ka nako.” A rialo. A qetella ka ho supa hore ho phela le HIV ha ho bolele hore motho o amohiloe litokelo tsa hae.
