Vinkmag ad

O khakola setša sa LNDB

Mokhethoa oa Lebatooa la Taung, ‘Matiisetso Matsie o khakotse ka molao setša sa khaho ea setsi sa lithupelo le sekolo sa batho ba nang le bokooa ba pono, sa Mokhatlo oa Lesotho oa Ntlafatso oa Batho ba nang le Bokooa ba Pono(LNDB), tšebeletsong e bileng Ha Khitšane Lebatooeng la Taung ka la 13 Tšitoe monongoaha.

H’a bua tšebeletsong ena o boletse hore sechaba sa Lebatooa Taung le setereke ka kakaretso se tlilo una molemo o moholo ka lebaka la setša sena. “Bana ba rona ba nang le bokooa ba ke ke ba hlola ba ea likolong hole Maseru koana, hobane motho ea nang le bokooa o hloka hore a be le mohlokomeli oa hae haufinyane.” A rialo.

Matsie o itse sechaba se hloka thuto ea hore na motho ea nang le bokooa ba pono, ba masapo le bokooa bo itseng o tlameha hore a hlokomeloe joang, “hobane b’a hlorisoa libakeng tse ling, ‘me rona re le sechaba re ba nkile e le batho ba kulang. Motho ea nang le bokooa h’a kule.” A re batho ba nang le bokooa ba tlokotsing e kholo ea bophelo ba letsatsi ka leng ka lebaka la leqeme la tlhokahalo ea mesebetsi.

A phethala ka hore ba boetse ba na le tokelo e tšoanang le ea motho e mong le e mong, ‘me bophelo boo ba bo phelang bo ntse bo tšoana le ba batho bohle. Ka hona a hlokomelisa sechaba hore ha se lokele ho ba nka ba se na tokelo ea ho etsa lintho tse ka etsoang ke batho ba bang.

Mongoli-Kakaretso oa Mokhatlo oa LNDB, Monghali Themba Molikoe o itse morero o moholo oa setša ke ho tla aha sekolo se tlilo ba seholo haholo kaha se tlilo kenyeletsa sa likonyana, sa mathomo se tlang ho tšehetsa sa likonyana, se phahameng le sa mesebetsi ea matsoho. “Lebaka ke hore ha u na le bokooa ba pono ha se ka thuto ea hlooho feela u ka atlehang. Tumelo ea rona ke hore re ntse re tseba ho etsa mesebetsi ea matsoho.” A rialo.

A re ba ile ba utloisisa hore kaha ha ba phele lefatšeng la bona ba le bang, ho tla ba le mekhoa ea hore ho amoheloe le bang bohle ba sechaba. “Lebaka ke hobane re re ba tloaele ho phela le batho ba nang le bokooa ba pono. E se ke ea re ha ba bona motho ea nang le bokooa pono ba nka e ka ho na le phoso.” O boletse joalo a bile a thetha ka hore ho amoheloa ha bana bohle ba sechaba ke tsela e ‘ngoe ea ho busetsa molemo ho batho ba ba fileng setša e leng sechaba.

E mong oa bacha ba nang le bokooa ba pono, Khatleli Lekoba o ipilelitse ho sechaba ho nka batho ba nang le bokooa ba ntse ba tšoana le batho ba bang bohle, ‘me ba se ke ba ba tšaba kapa hona ho ba khetholla. A kopa hore le bona ba kenyeletsoe mererong eohle ea sechaba e kang ea phumantšo ea mesebetsi le ho fuoa lerato, tlhompho le tlhokomelo joaloka motho e mong le e mong.

Vinkmag ad

Read Previous

Shale o etsa kopo-thapeli

Read Next

Lesotho le futhumalle Basotho-Mojapela

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular