Vinkmag ad

Lesotho le futhumalle Basotho-Mojapela

Moetelli-pele oa Lekhotla la Kanana ea Basotho(SR), Adv. Teboho Mojapela o ipilelitse ho Makanana ohle a Lebatooa la Matelile No. 54 ho phatlaletsa sechaba molaetsa oa Lekhotla la habo bona ka linako tsohle, o reng ba batla Lesotho le tla futhumalla Basotho bohle, leo ho seng batho ba tla etsa lintho tse mpe ha ba khethetsoe pusong.

O itse bakhethi ba kopanye bana ba bona ho ba etsa ngatana-nngoe ho ba ruta hore makhabane h’a qoqoe feela joalokaha babusi ba thetsitse sechaba boiketong ba bona ba likhetho tse fetileng ka ho sebelisa makhabane, athe ba koetlile marumo ka likobong. “Ke nako ea hore Lesotho lena kaofela ho buoe ka makhabane a bonoang boeta-peleng.” Tsena Mojapela o li buile moketeng o bileng Lebatoeng la Matelile, Mafeteng ka la 15 Tšitoe monongoaha moo SR e neng e amohela mokanselara ea kenang kahare ho eona e leng Monghali Motlatsi Khomo.

O boleletse sechaba moketeng oo hore Naha ea Lesotho le tikoloho eohle ea Afrika li thefutsoe le ho futsanehisoa ke bobolu, ‘me Makanana a lokela ho ema ka maoto ho bo loantša e le hore Lesotho le tle le tsebe ho loka. “Naha ena ha e na boitšoaro re hloka monna ea tla kenya matsoalo ho sechaba le babusi ba naha ena. Ho hlokahala monna eo e reng h’a bua, kahara naha ena a ratoe, a tsejoe le ho hlomphuoa e le hobane a nena bobolu.” A rialo.

A tsoelapele ka ho re Morena Molimo o re file naha ena e nang le lihloliloeng e bileng e nang le palo e fokolang haholo ea sechaba, feela se futsenehileng empa ho ruile batho ba itseng ba fokolang ka palo, ba lutseng setheng ho ithuisa ka ho ipha mesebetsi e meholo ea ‘muso.

O boletse hore kajeno khoeli e apohetsoe ke maru kaha bakhethi ke hona ba qalang ho elelloa hore ba khethile batho bao, “re lokelang hore ha re le paramenteng mane, re ba qose ka pelaello ea hore ba utsoitse haholo hoba ha ba le paramenteng ba hoeba le ‘muso. E leng hore batho bana ba ileng pusong ba ingoathela hobane nakong ea mebuso e fetileng ba ne ba ngoatheloa. Kajeno molomo oa ketlele o shebile ka ho bona.”

O itse lekhetlong lena Mosotho ka mong a se lebelle letho ho ‘muso empa a tsohe a iketsetse etsoe mphe-mphe e’a lapisa. A re Basotho ba tlohele ho thetsoa ka hore motho h’a qala a busa lintho li tla fetoha hang-hang. A re naha ena e hloka banna le basali ba litaba ba tšepahalang, ba supang tsela, ba sebete ho etsa lintho tse ntle, ba itlamang le ho iketsa sehlabelo e le hore Basotho ba tsebe ho phela. “Haele ha re ntse re khetha batho ba lisoasoi re ntse re hamela letanteng.” Ke Mojapela eo.

A etsa khoeheletso ho Makanana ohle ho ikopanya, ebe ba ntša chelete e kalo ka M50.00, ha eena a tla ba tlatsetsa ho ithehela mesebetsi ea ntlafatso, “hobane ha e le ‘muso ona o teng ho o tšepa ke ho itšenyetsa nako.” A lebohela le ho amohela mokanselara e mocha pontšeng ea sechaba sohle.

Puong ea hae ea teboho Monghali Motlatsi Khomo o khothalelitse bohle ba fuoeng boikarabello ho tsamaea ka mokhoa o tšoanelang pitso eo ba e bilelitsoeng ka boikokobetso, mosa le sebete ba ntse ba mamellana le ho ba le lerato. A ba kopa ho tela mashano ‘me e mong le e mong a bolele ‘nete ka moo e leng ka teng ho tsoa pelong ea hae molemong oa pholoho ea sechaba sa Basotho.  Ke makanselara a mahlano a seng a kene ka ho SR ho hlaha mekheng le mekhotleng ea BAP, ABC le MEC.

Vinkmag ad

Read Previous

O khakola setša sa LNDB

Read Next

La 16 Tšitoe 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular