Mookameli oa Sepolesa sa Butha-Buthe, ACP Mpolokeng Shale o entse kopo-thapeli ho bacha le sechaba sa Setereke sa Butha-Buthe se bonahalang se ratoa haholo ke bahahlauli, ho bona hore ba baballa le ho sireletsa bahahlauli nakong ena eo ba tlang ho etela setereke ka bongata matsatsing a matelele a phomolo ea Keresemese le selemo se secha.
O buile tsena ‘mokeng oa letsatsi o bileng ‘Moteng, Butha-Buthe ka la 12 Tšitoe monongoaha tlasa Lenane la Maloti Drakensberg Transfrontier le reretsoeng ho tsosolosa le ho hlasimolla sechaba ka ho fana ka thuto ka bohlokoa le melemo e tlisoang ke bohahlauli seterekeng seo. A bontša hore ke tokelo ea bohle ho bona hore bohahlauli bo sireletsehile, kaha ho hlasela bahahlauli ke tlolo ea molao ho sa khathalle hore na ba tsoa kahare kapa kantle ho naha.
A supa hore hara melemo e meng e ka tlisoang ke tšireletseho ea bahahlauli ke ho nyolla moruo oa setereke le ho beha Naha ea Lesotho ‘mapeng ka tšoaro e ntle kaha ha ba fihla ha habo bona, ba tla bolella ba bang ka tšoaro e mofuthu eo ba e fumaneng Lesotho empa ka ho khetholoha ‘Moteng.
Ka mokhoa o tšoanang ‘Musi oa Setereke sa Butha-Buthe, Monghali Tšepa Chaba o entse tlhokomeliso ho sechaba sohle ho bona hore bahlahlauli b’a sireletsoa kahare ho tikoloho eohle ea ‘Moteng le seterekeng ka kakaretso. “Lona le tseba bohlokoa le melemo ea bohahlauli kaha e le baji ba litšebeletso tsa lona.” Ke Chaba eo.
Mookameli Lekaleng la Bohahlauli tlasa Lefapha la Bohahlauli, Monghali Refiloe Ramone o itse Lenane la Maloti Drakensberg Transfrontier leo e leng selekane sa Lesotho le Afrika Boroa sepheo sa lona hara tse ling ke ho baballa boieane ba tlholeho lipakeng tsa linaha tsena tse peli, ka karolo tsa litereke tsa Lesotho le likarolo tse tharo tsa liprofensi tsa Afrika Boroa. A tiisa hore morero ke ho bona hore bohlahlauli bo oa ntlafatsoa molemong oa linaha tsena tse peli ho kenyelelitsoe sechaba le mafapha ohle a fapakeneng a sona.
A qetella ka hore bohlahlauli ke karolo e ‘ngoe e ileng ea hloauoa ke ‘muso oa Lesotho, e le tšiea e kholo e ka thusang Naha ea Lesotho ho nyolla moruo le ho hlahisa mesebetsi.
