Motlatsi oa Mongoli e Moholo oa Lekala la Thuto le Koetliso, Mofumahali Refiloe Kepa, o fane ka mangolo a likapeso ho baithuti ba 49 ba atlehileng ho pasa lithuto tsa bona ka katleho, Lenaneo la Lithuto tsa Mahlale le Marang-rang le fanoeng ke Sekolo se Seholo sa Mesebetsi ea Matsoho sa Lerotholi ka tšehetso ea Samsung Afrika.
Mofumahali kepa o nehelane ka mangolo ana moketeng o neng o tšoaretsoe hona Sekolong sa Lerotholi, Maseru ka la 22 Pulungoana 2024 moo a itseng litsebo tseo baithuti ba li fumaneng li bohlokoa haholo kaha li tlilo fana ka litharallo le ho tlisa liphetoho tse kholo litabeng tsa tšebeliso ea marang-rang e le ho ntlafatsa bophelo ba bona le molemong oa naha ka kakaretso.
Mookameli oa Sekolo sa Lerotholi, Prof. Spirit Tlali o itse lenane lena le tlilo thusa baithuti ho itšoarela ka matsoho ka sepheo sa ho itlhahisetsa mesebetsi le kholiso ea likhoebo. A re le boetse le ba betlile le ho ba hlahlella ka malebela molemong oa bokamoso ba bona.
Mookameli e bile e le President ea Samsung Afrika Monghali Simon Lee o bontšitse hore lenane-thuto lena la tsa mahlale le tšebeliso ea marang-rang le seng le e-na le lilemo tse peli le kene tšebetsong, ke leeto le lecha la bohlokoa le tla isa baithuti bokamosong bo chabileng. A re le ba tsositse morolo le ho matlafatsa likelello tsa bona bakeng sa boqapi bo bocha ba ho tseba ho itlhahisetsa lintho tse ncha. A phethela ka hore litsebo tseo ba li fumaneng li tlilo akofisa tšebetso ea bona.
Ho baithuti ba neng ba fuoa mangolo Pheta Theoha le Tlokotsi Potloane ba lebohile bohle ba kentseng letsoho katlehisong ea mokete ona, ‘me mokete ona o tšoaea qaleho ea katleho ea bona.
