Vinkmag ad

La 2 Mphalane 2024

Sehopotso sa Manyeloi a Halalelang a re lebelang

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Exoda. (23,20-23)

“Lenyeloi la ka le tla u etella pele.”

Ke sena seo Morena a se bolelang: Ke tla romela lenyeloi la ka le tle le u etelle pele, le u etelle pele, le u lebele tseleng ea hau ‘me le u fihlise sebakeng seo ke u lokiselitseng sona. U le hlonephe ‘me u mamele lentsoe la lona. U se ke ua le tella, hobane le ke ke la u leballa phoso e joalo, kaha le eme Lebitsong la ka.

Empa ha eba u ka mamela lentsoe la lona ka hloko ‘me ua etsa tsohle tseo ke li bolelang, ke tla ba sera sa lira tsa hau, ke tla loantša ba u loantšang. Lenyeloi la ka le tla u etella pele, ‘me le u ise naheng ea ba-Amore, ea ba-Hethe, ea ba-Ferese, ea ba-Kanaana, ea ba-Hevele ea ba-Jebuse, bao ke tla ba felisa.

PESALEMA 90

O LAETSE MANYELOI A HAE HO U LEBELA TSELENG TSOHLE TSA HAU.

Uena ea phelang tšireletsong ea Ea holimo-limo,

ea lulang moriting oa Ea matla-‘ohle,

e-re ho Morena: U setšabelo sa ka,

u qhobosheane ea ka,

u Molimo oa ka eo ke mo tšepileng.

Hobane ke eena ea u tšoasollang

lerabeng la sechehi, le koluoeng e timetsang.

O tla u koahela ka masiba a hae,

‘me u tla tšabela tlas’a mapheo a hae:

ho tšepahala ha hae ke thebe le tšireletso ea hau.

U ke ke ua tšaba liriti tsa bosiu,

kapa motsu oa seqha o bebang motšeare,

leha e le koluoa e khukhunang lefifing,

kapa lefu la seoa le tlokang har’a mp’a motšeare.

Ha ho tlokotsi e ka u hlahelang,

ha ho kotlo e ka thetsang ntlo ea hau.

Hobane o laetse manyeloi a hae

ho u lebela tseleng tsohle tsa hau.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (18,1-5.10)

“Leholimong manyeloi a bona kamehla sefahleho sa Ntate ea maholimong.”

Ka nako eo, barutuoa ba tla ho Jesu, ba re: Ha u bona, e moholo ke mang ‘musong oa maholimno? Eaba Jesu o bitsa ngoana e monyenyane, o mo emisa kahare ho bona, o re: Kannete kea le bolella, ha le sa sokolohe la ba joaloka bana ba banyenyane, le ke ke la kena ‘musong oa maholimo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 1 Mphalane 2024

Read Next

La 3 Mphalane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular