Vinkmag ad

Toantšo ea khiro ea bana

Lekala la Khiro le Bosebetsi ka kopanelo le World Vision Lesotho le Mokhatlo oa Lithuso Baneng (UNICEF) le khakotse morero oa ho khothaletsa sechaba ho ema khahlanong le ho etsisa bana mesebetsi eo e seng ea bona.  Tsena li bile Maseru ka la 25 Loetse monongoaha.

Mookameli oa World Vision Lesotho Monghali James Chifwelu Nkemba, o hlalositse hore morero ona o tšehelitsoe ka lichelete ke EU, e le ho loanela Litokelo tsa Mantlha tsa Botho tsa bana, ‘me ba eme ka maoto ho tlisa phetoho bokamosong ba bona.

O re Lesotho le ntse le tobane le phephetso ea thekisetsano ea batho le bana, khiro le khiriso ea bana ba sebetsang ba le lilemong tse tlaase. O re sena se bakoa ke bofuma, ‘me a bontša ha 14% ea bana e ntse e sebetsa mesebetsi eo eseng ea lilemo tsa bona e le ho  phelisa malapa,  bona ba sebetsa malapeng, mabenkeleng le literateng. Ka hona ba hloka hore bana bohle ba tlohe mesebetsing eo e seng ea bona.

O re bana ba qetella ba utloa e le mahlatsipa a thekisetsano ea batho, ka hoo taba ena e hloka batho ba tšoaraneng ka matsoho, kaha litaba tsena li qala kahar’a sechaba ho kenyeletsa le baetapele.

A bontša hore morerong ona ba tl’o koetlisa baetapele ba sechaba ba 500 le hoja ba ikemiselitse ho fihlela ba  600 hobane ba batla ho bona hore thibelo e qala sechabeng.

Mookameli oa Morero ona ‘Mathabang Kose o itse morero ke oa lilemo tse peli le likhoeli tse 6 ‘me ona o tl’o sebetsa Literekeng tsa Berea, Maseru, Quthing le Mafeteng.  A re ho na le bana ba sebetsang e le baitšokuli, malapeng, balisana le ho  sebelisoa litabeng tsa thobalano.

Ka hona a re morero ke ho thibela litaba tsena le ho fana ka leseli ho sechaba, ka hoo ba tl’o sebetsa ‘moho le ‘muso le sechaba metseng, moo teng ba tla koetlisa batho ka lihlopha tse 6.

Lebitsong la bana Tau Senyane ho hlaha Seterekeng sa Mohale’s Hoek, o itse ho na le  tšebeliso e mpe ea bana ‘me boholo ba bona ba sebetsana le liphoofolo ba tlohetse sekolo. Hape a re ho na le bana ba banana ba ntseng ba shebana le malapa, ba nka boikarabello ba malapeng ‘me qetellong ba e-ba le khatello ea maikutlo. O itse ha se phoso ho ruta ngoana mosebetsi joaloka ho hlatsoa lijana, empa a se ke a etsa mosebetsi oo molemong oa chelete.

O re ka lebaka la ho hloka tsebo  ba nahana hore ho bohlokoa ho sebetsa, ba sa elelloe hore taba ena e ama bophelo ba bona, hoo ba qetellang ba etsa bana lilemong tse tlaase.

A re e ‘ngoe ea litharollo tse ka etsoang ke ho ba rapella,  ho tseteloe baneng, le metseng ho ntlafatsoe le ho fanoa ka thuto ho baetapele ba sechaba.

Moemeli oa EU Mario Giuseppe Varranti, o re bacha ba 101 ba tla etellapele meralo eohle le ho ba ka sehloohong ho etsa bonnete ba hore lentsoe la bana le’a utloahala ho tlisa phetoho baneng, hobane ho nka motse ho holisa ngoana le tikoloho e bolokehileng bakeng sa bana .

A re ba tl’o sebetsa ka thata ho bona hore litaba tsa tšebeliso e mpe ea bana li’a fela, bana ba be monyetleng oa ho fumana thuto le katleho litabeng tsohle tsa bona kapa ho fihlela litlhoko tsa bona.

O itse ‘Muso  oa Lesotho o tšoere ka thata ho sebetsana le litaba tsa  tšebeliso ea bana le ho tla ka litharollo e le hore ho be le tikoloho e bolokehileng sebakeng sa bana.

Letona la Bacha, Tekano le Ntšetsopele ea Sechaba Mohlomphehi Pitso Lesaoana, o itse ‘Muso oa Lesotho o tla sebetsana le litaba tsena ho ntlafatsa melao e le ho etsa bonnete ba hore ho ba le sebaka se bolokehileng sa  bana ho kenyeletsa ho etsa melao e mecha le ho hlopholla ea khale.

A re ba batla ho bona hore ngoana e mong le e mong a sireletsoa ke molao, le sechaba se tlalehe ka tsela e nepahetseng khiro ea bana.

O re lentsoe lohle le tla utloahala le ho bona hore ba beha sechaba leseling ka ho fana ka thuto, ka lipitso le ho utloa hore sechaba se utloisisa litokelo tsa sona le ho tšoarana ka matsoho le mafapha a mang.

A re ba itlama ho tšehetsa meoloane e etsoang ho ntlafatsa sechaba le ho tla ka litharollo, hore bana ba phele le ho hola ba lokolohile ho ithuta le ho etsa bonnete ba hore litokelo tsa bana li eloa hloko.

Vinkmag ad

Read Previous

La 27 Loetse 2024

Read Next

La 28 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular