Vinkmag ad

Ba se ba utsoitse M4Millione

Setsi sa Phano ea Litšebeletso tsa Lekhetho (RSL), se re ke bonyane bahlanka ba sona ba 13 ba seng ba hlahile kapel’a Makhotla ba belaelloa ka bobolu le bomenemene. Litaba tsena li hlaheletse ‘mokeng oa bo-ralitaba o neng o kopanetsoe ke RSL le Setsi sa Toantšo, Thibelo ea Bobolu le Bomenemene (DCEO), ka la 20 Loetse monongoaha.

Mookameli oa RSL ‘Mathabo Mokoko, o hlalositse hore RSL e fihletse tšebetso ena ka tšebelisano ‘moho le DCEO. A re ntle le basebetsi ba hlahileng kapel’a Makhotla, ho na le ba ntseng ba beheletsoe ka thoko ho mosebetsi ha ba bang ba lelekiloe. O itse setsi sa habo se maikemisetsong a ho tlosa mofets’e oa litlolo tsa molao tse etsoang ke bahlanka oa ho ithuhisa ka likhafa tsa sechaba.

A re ba hloka ho bona litaba tsa pokello ea lekhetho li tsamaea ka thello, ba fihlela lipehelo tsa bona le hore lichelete tseo li thuse ntlafalong ea naha joalokaha e le mosebetsi oa bona ho bona hore litaba tsa pokello ea lekhetho li tsamaea ka thello.

Mookameli oa DCEO o hlalositse hore kamor’a hore RSL e ba kope ho sebetsa ‘moho le bona ho loantša litlolo tsa molao litabeng tsa pokello ea lekhetho, o ile a kopa RSL ho qala pele e itlhoekise e tsebe ho ba maotong a sechaba e hloekile.

O re hona ho ba thusa ho nolofalloa ke ho hlakola le ho tlosa bohlosoa bo kathoko ho setsi, ka hona ha joale ba tseleng ea batho ba ntseng ba etsa bobolu. A re ba lokela ho tšoarana ka matsoho ho bona hore ba hlola mathata le liqholotso tse tjametseng sechaba sa Basotho molemong oa naha e ts’eptjoang ke balichaba e le ho bokella botseteli le ho tlisa tšepo sechabeng.

O itse ho fihlela ha joale ka lebaka la liketso tsa bobolu le bomenemene, naha e lahlehetsoe ke M4Millione ho tloha ka khoeli ea ‘Mesa ho fihlela Phato monongoaha.

Ba ipilelitse ho baetsi ba liketso tsena ho emisa hang-hang kaha DCEO e se na leihlo le panyang, ‘me e ikemiselitse ho hlaola bobolu le bomenemene ka hohle-hohle molemong oa ponaletso licheleteng tsa sechaba.

Vinkmag ad

Read Previous

La 25 Loetse 2024

Read Next

La 26 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular