Vinkmag ad

La 18 Loetse 2024

Beke ea 24 har’a selemo

Laboraro

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (12,31-13,13)

“Ha joale ho sala ntho tse tharo: tumelo, tšepo le lerato, ‘me empa e kholo ho tsona ke lerato.”

Bana beso! Chesehellang lineho tse molemo ho feta. Joale ke sa le supisa tsela e fetang tse ling tsohle. Leha nka ba le neho ea boprofeta, ‘me ka tseba linnete tsohle tse patehileng, esita nka ba le tumelo e kholo hoo e ka suthisang lithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.

Leha nka fana ka maruo a ka kaofela ha ‘ona ho fepa bafumanehi; leha nka nehelana ka ‘mele oa ka hore o chesoe, empa ke se na lerato, ha ho nthuse ka letho.

Lerato le na le boiphapanyo: le na le molemo: ha le itlontlolle, ha le ipatlele tsa lona, ha le halefe, ha le jare motho ka pelo: ha le ithabele bokhopong le mpa le ithabela ‘neteng.

Le mamella tsohle, le lumela tsohle le tšepa tsohle, le tiisetsa ho tsohle. Lerato ha le na ho fela le ka mohla: lipolelo tsa boprofeta li tla khaotsa, neho ea lipuo e fele, le tsebo e nyamele.

Hobane re tseba ka mokhoa o sa phethahalang, ‘me re profeta ka mokhoa o sa phethahalang. Empa mohla ho hlahang ho phethehileng, ho sa phethahalang ho tla nyamela. Ha ke sa le ngoana, ke ne ke bua joaloka ngoana, ke utloisisa joaloka ngoana, ke inahana joaloka ngoana. Empa ha ke se ke le monna ke lahlile tsa bo-ngoana.

Hajoale re bona ka seipone, ho lerootho, empa mohlang oo re tla bonana re talimane. Hajoale ke tseba ka mokhoa o sa phethahalang, empa mohlang oo ke tla tseba joaloka ha le ‘na ke tsejoa.

Hajoale ho sala ntho tse tharo: tumelo, tšepo le lerato, empa e kholo ho tsona ke lerato.

PESALEMA 32 (2-5.12 le 22. R. 12)

HO LEHLOHONOLO SECHABA SEO MORENA A IKHETHETSENG SONA HO BA LEFA LA HAE.

Bokang Morena ka harepa,

le mo letsetse cithara.

‘Mineleng sefela se secha,

le li tilinye ka makhethe le ntse le khelekenya.

Hobane lentsoe la Morena ke la ‘nete,

le mesebetsi eohle ea hae e tiile.

O rata toka, o hloka leeme,

Lefatše lohle le tletse mohau oa Morena.

Ho lehlohonolo sechaba

seo Morena e leng Molimo oa sona,

seo a ikhethetseng sona ho ba lefa la hae.

Mohau oa hao, Morena, o ke o be holim’a rona,

joaloka ha re u tšepile.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (7,31-35)

“Re ile ra le letsetsa makolilo, empa ha lea ka la etsa chao; ra le binela koli-ea-malla, empa ha lea ka la lla.”

Ka nako eo, Jesu a re: Ke tla tšoantša batho ba moloko ona le mang na? Ba tšoana le bo-mang na? Ba tšoana le bana ba lutseng lepatlelong, ba hoeletsa ba bang, ba re: Re ile ra le letsetsa makolilo, empa ha lea ka la etsa chao; ra le binela koli-ea-malla, empa ha lea ka la lla. Joannes Mohlatsoi o tlile a sa je bohobe, a sa noe veine, ‘me la re: o na le modemone. Mor’a motho eena o tlile a e-ja, a e-noa, ‘me la re: Motho enoa ke monyollo le senoi sa veine, motsoalle oa bakhafisi le oa baetsalibe. Empa bohlale ba Molimo bo pakoa ke bana bohle ba bona.

Vinkmag ad

Read Previous

LUFA e holisa talenta

Read Next

La 19 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular