Vinkmag ad

La 13 Loetse 2024

Beke ea 23 har’a selemo

Sehopotso sa John Chrysostom, Mobishopo

Labohlano

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Bakorinthe. (9,16-19.22-27)

“Ke ikentse tsohle ho bohle, hore ke tle ke pholose bohle.”

Bana beso! Ha ke hasanya Evangeli, ha se hobane ke shebile thoriso, empa ke hobane ke tlamehile joalo. Nka ba malimabe haeba, ke sa hasanye Evangeli!

Hoja e ne e le boithaopong ba ka ke ne ke tla lokeloa ke moputso, empa erekaha e se ka boithaopo ke mpa ke phetha mosebetsi oo ke o abetsoeng. Ha ho le joalo, moputso oa ka ke ofe na? Ke hore, ha ke ntse ke hasanya Evangeli, ke etse joalo ke sa lebella tefo, ke sa itsekele litokelo tseo Evangeli e ntumellang ka tsona.

Leha ke se taolong ea mang kapa mang, ke ikentse mosebeletsi oa bohle, hore ke tle ke hape ba bangata. Ho ba fokolang ke ikentse ea fokolang, hore ke tle ke hape ba fokolang. Ke ikentse tsohle ho bohle, hore ke tle ke pholose bohle. ‘Me ke etsa tsohle ka baka la Evangeli, e le hore le ‘na ke tle ke be le kabelo molemong oa eona.

Ana ha le tsebe hore ba ipeisang lebaleng la lipapali ba matha kaofela, empa o mong feela ea fumanang moputso na? Le lona, mathelang ho o fumana. Bohle ba kenang tlholisanong ba itima tsohle, empa bona ba etsa joalo hore ba fumane mofapahlooho o senyehang, athe rona o sa senyeheng.

Ha e le ‘na, ha ke matha, ha ke faputle feela. Kea loana, empa e seng joaloka ea fuphulang moea, ke mpa ke hlokofatsa ‘mele oa ka ‘me kea o thapisa, esere mohlomong, ha ke rutile ba bang, eaba ‘na kea lahleha.

PESALEMA 83 (3.4.5-6 LE 8.12. 12 2)

E RATEHA HAKAKANG MEAHO EA HAU MORENA OA TSOHLE.

Moea oa ka o hlolohetsoe

mabala a tempele ea Morena,

hoo nka ‘nang ka shoa;

Pelo le litho tsohle tsa ka li hoeletsa ka thabo

ho Molimo ea phelang.

Serobele se iphumanetse lehae,

le lefokotsane ntloana,

eo le behang malinyane a lona ho eona,

haufi le lialetare tsa hao, Morena oa tsohle,

Khosi ea ka le Molimo oa ka.

Ho lehlohonolo ba lulang ka tlung ea hao,

ba u rorisang ba sa khaotse.

Ho lehlohonolo batho bao uena u leng matla a bona:

ba matlafala ho-ea-ho-ile.

Morena Molimo ke letsatsi, ke thebe,

Morena o fana ka mohau le tlotla:

ba metsamao e se nang nyatseho,

a ke ke a ba tima tse molemo.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (6,39-42)

“Ana sefofu se ka tsamaisa sefofu se seng na?”

Ka nako eo, Jesu a bolella barutuoa ba hae papiso ena, a re: Ana sefofu se ka tsamaisa sefofu se seng na? Na ha li tlo oela tse peli sekoting? Morutuoa ha a ka holimo ho moruti oa hae; empa morutuoa ka mong e tla ba o phethehile ha a le joaloka moruti oa hae. Ho ea ka’ng hore u bone pepa e ka leihlong la ngoan’eno, athe ha u lemohe seqoko se ka leihlong la hao na? U ka bolela joang ho ngoan’eno, ua re: Ngoan’eso, e-re ke ntše pepa e ka leihlong la hao, ha uena u sa bone seqoko se ka leihlong la hao? Moikaketsi, qala ka ho ntša seqoko se ka leihlong la hao, ‘me ke moo u tla bona hantle ho ntša pepa leihlong la ngoan’eno.

Vinkmag ad

Read Previous

La 12 Loetse 2024

Read Next

Matloana le metsi ke mathata

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular