Vinkmag ad

La 11 Loetse 2024

Beke ea 23 har’a selemo

Laboraro

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (7,25-31)

“Na u tlamahantsoe le mosali? U se ke va batla ho lokolloa. Na ha u e-s’o tlamahanngoe le mosali! U se ke ua ipatlela mosali.”

Bana beso! Ha e le ka bavirigo ha ke na molao o behiloeng ke Morena: ke mpa ke fana ka keletso ke le motho ea tšepahalang, ka mohau oa Morena. Joale ke lekanya hore, ka baka la litsietsi tsa mehla ena, ho molemo ho motho a lule a le joalo.

Na u tlamahantsoe le mosali? U se ke ua batla ho lokolloa. Na ha u e-s’o tlamahanngoe le mosali? U se ke oa ipatlela mosali.

Empa ha u ka nyala mosali ha u etse sebe, le moroetsana ha a etse sebe ha a nyaloa; empa batho bao ba tla ba le litsietsi tsa bophelo ba lefatše lena ‘me ‘na kea le qenehela.

Seo ke se bolelang, bana beso, ke sena: Nako e khutsufetse; ho le saletseng ke hore ba nang le basali e ke hoja ba se na bona: ba llang e ke hoja ba sa lle: ba thabileng, e ke hoja ba sa thaba; ba rekang, e ke hoja ba sa rua letho; ba sebelisang tsa lefatše lena, e ke hoja ba sa ithabise ka lona. Hobane sea feta, sebopeho sa lefatše lena.

PESALEMA 44 (11-12.14-17. R. 11)

MAMELA KA HLOKO, MORALI, U SEKEHE TSEBE.

Mamela ka hloko, morali, u sekehe tsebe,

lebala sechaba sa heno le ntlo ea ntat’ao.

Khosi e tla khahloa ke botle ba hao:

erekaha e le Morena oa hao,

itihele fatše ka pele ho eena.

Morali oa khosi o tla a tlotlehile,

a apere tse khabisitsoeng ka gauda;

O isoa ho Khosi a apere tse mebala-bala,

a felehelitsoe ke baroetsana, balekane ba hae.

Ba isoang ka thabo le nyakallo,

ho ea kena tlung ea borena.

Bara ba hao ba tla nka sebaka sa bo-ntat’ao,

u tla ba beha mahosana lefatšeng lohle.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (6,20-26)

“Le lehlohonolo, lona bafumanehi. Ho malimabe lona barui.”

Ka nako eo Jesu a lebisa mahlo ho barutuoa ba hae ‘me a re: Le lehlohonolo, lona bafumanehi, hobane ‘Muso oa Molimo ke oa lona. Le lehlohonolo, lona ba lapileng hajoale, hobane le tla khora. Le lehlohonolo, lona ba llang hajoale, hobane le tla tšeha.

Le tla ba lehlohonolo ha batho ba le hloea, ba le leleka, ba le hlapaola, ba nena lebitso la lona ka ho re le lebe, ka baka la Mor’a motho. Thabang tsatsing leo ‘me le nyakalle, hobane moputso oa lona o hlile o moholo leholimong. Bo-ntat’a bona ba ne ba etsa tse joalo ho baprofeta.

Empa ho malimabe lona barui, hobane le se le fumane tšeliso ea lona. Ho malimabe lona ba khotšeng hajoale, hobane le tla lapa. Ho malimabe lona ba tšehang hajoale, hobane le tla lla, le bokolle. Ho malimabe lona ha batho ba le rorisa, hobane bo-ntat’a bona ba ne ba etsa tse joalo ho baprofeta ba leshano.

Vinkmag ad

Read Previous

Mokhethoa oa Chess Budapest

Read Next

La 12 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular