Vinkmag ad

Mokhethoa oa Chess Budapest

Mokhethoa oa Lesotho oa papali ea Chess o bopiloeng ka bahlankana ba bahlano le baroetsana ba bahlano o tlohile kahare ho naha ka ‘Mantaha bekeng ena, ho leba Budapest, Hungary moo o il’o bapala lipapali tsa Mohope oa Lefatše tsa Chess ho tloha ka la 10 ho isa la 23 Loetse 2024.

Sehlopha sa bahlankana se bopiloe ka khalala ea papali ena,  Tshephe Lebajoa, Mphane Thabang, Sechaba Khalema, Karabo Mokete le Motlomelo Lihoela. Athe baroetsana bona ke Lieketseng Ngatane, Bonolo Ntsielo, Nteboheleng Thetsane, Lintle Molise le Boitumelo Sethabathaba. Liofisiri ke Phera Moseli, Mphetole Mona, Tšeliso Motloheloa le Tlhoriso Morienyane.

Pejana libapali tsena li leba Naheng ea Hungary li ne li ile tsa chorisa boitokiso ba tsona ka ho hapa litlholisano tsa ho qetela tsa matsatsi a mabeli tsa Mohope oa  Basotho Year Opener Chess Tournament, moo Sechaba Khalema a ileng a hlaha maemong a pele ka 5.5/6 ka ho banna. Ha ka ho basali Lieketseng Ngatane le Bonolo Ntsielo ba ileng ba bapala ka ho lekana ka 5.5/6 motho ka mong, ‘me ba hlaha maemong a pele, bobeling ea e-ba Boitumelo Sethabathaba.

Raliphatlalatso oa Mokhatlo oa Lesotho oa Papali ea Chess(CFL), Monghali Khiba Selatela o boletse hore litlholisano tsena ke tse kholo ka ho fetisisa lefatšeng tsa papali ea Chess, ‘me lihlopha tsa lefatše tsa Chess li il’o nonyana matla li shebile ho hapela linaha tsa habo tsona likhau tse ngata. A re sena ke monyetla o moholo ho libapali tsa Lesotho tsa Chess ho hlolisana le libapali tse hloahloa tsa linaha tse ling tsa lefatše. A tiisa hore sena se boetse se tlil’o ba ekeletsa litsebo le boiphihlelo papaling ea Chess.

Ho ea ka likhalala tsena litlholisano tsena tsa ho qetela, li bile bohlokoa haholo kaha e bile sekala se setle ho tsona kaha ba lebeletsoe hore ba tlele Lesotho tlholo. Ba re ba leba lipapaling tsena ba e-na le boitšepo ba hore ba il’o sebetsa ka thata ho tla le limentlele kahare ho naha. Ba ipiletsa ho sechaba sa Basotho ho ba beha merapelong.

Barati ba papali ea Chess kamora litlholisano tsena tsa ho qetela tsa boitokiso ba Mokhethoa oa Naha oa Chess ba bontšitse khotsofalo e kholo ke tsela eo libapali tsena li bapetseng ka eona. Ba bontšitse hore ho tloha sethathong haesale ba sebetsa ka boitelo e leng a mang a matšoao a supang hore ba tlil’o tla le tlholo. Ka hona ba ba lakaletsa ho boea le marumo. Ke linaha tse 197 tsa lefatše tse kenetseng lipapali tsena.

Vinkmag ad

Read Previous

La 10 Loetse 2024

Read Next

La 11 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular