Vinkmag ad

La 2 Loetse 2024

Beke ea 22 har’a selemo

‘Mantaha

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (2,1-5)

“Ke le tsebisitse Jesu Kriste ea thakhisitsoeng.”

Bana beso! ‘Na ha ke ne ke tlile ho lona, ka tla le tsebisa ‘nete e patehileng ea Molimo, e seng ka lipolelo tse tebileng, leha e le tsa bohlale, hobane ha kea ka ka ikhopolela hore nka tseba ntho e ‘ngoe har’a lona, ha e se Jesu Kriste, ‘me le hona ea thakhisitsoeng.

Ha e le ‘na ke bile har’a lona ke fokotse, ke tšohile, ke thothomela haholo. Polelo ea ka le thuto ea ka ha lia ka tsa e-ba teng ka mantsoe a masene a bohlale ba batho, empa e le ka ho bontša matla a Moea. Ha ho le joalo tumelo ea lona e thehiloe e seng holim’a bohlale ba batho, empa e le holim’a matla a Molimo.

PESALEMA 118 (97-102. R. 97)

KE RATA MOLAO OA HAO HAKAAKANG, MORENA.

Ke rata Molao oa hao hakaakang

ke inahana ka oona letsatsi lohle.

Melao ea hao e ntlhalefisa ho feta lira tsa ka,

hobane ke na le eona ka mehla.

Ke feta bohle ba nthutileng ka kutloisiso,

hobane ke inahana ka litemoso tsa hao.

Ke feta maqheku ka bohlale,

hobane ke mamela litaelo tsa hao.

Ke qobisa maoto a ka litsela tsohle tse mpe,

hore ke tle ke ele lentsoe la hao hloko.

Ha kea koekoetla likahlolo tsa hao,

hobane ke uena ea nthutileng tsona.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka  (4,16-30)

“O nthometse ho tlisetsa bafumanehi litaba tse monate. Ha ho moprofeta ea amoheloang ha habo.”

Ka nako eo, Jesu a tla Nazaretha, moo a holetseng teng: a kena tlung ea thapelo ka letsatsi la Sabbatha, kamoo a neng a tloaetse kateng, eaba oa ema o il’o bala. Ba mo neha buka ea moprofeta Isaia. H’a e phetla, a fumana moo ho ngotsoeng, ho thoe:

Moea oa Morena o ka ho ‘na hobane o ntlotsitse. O nthometse ho tlisetsa bafumanehi litaba tse monate, ho tsebisa ba kholehong hore ba lokolotsoe, le lifofu hore li tla bona, ho lopolla ba hateletsoeng le ho phatlalatsa selemo sạ mohau oa Morena.

Eare hoba a koale buka, a e busetsa ho mohlanka, ‘me a lula fatše. Bohle ba ka tlung ea thapelo ba ne ba lebisitse mahlo ho eena. A qala ho bua le bona, a re: Kajeno polelo ena ea Mangolo eo le tsoa e utloa, e phethahetse.

Bohle ba ne ba mo pakela, ba makalla lipolelo tse monate tse tsoang molomong oa hae, ba re: Ana eo ha se mor’a Josefa? A re ho bona: Ha ho pelaelo, le tla mpolella maele a reng: Ngaka, iphekole. Re utloile tse ngata tseo u li entseng Kafarnauma; li etse le mona, ha heno. A ba a re: Ruri kea le bolella, ha ho moprofeta ea amoheloang ha habo.

Ka ‘nete kea le bolella, basali ba bahlolohali ba ne ba le bangata Israeleng, mehleng ea Elia, ha leholimo le ne le koetsoe ka lilemo tse tharo le khoeli tse tšeletseng ‘me lefatše lohle le aparetsoe ke tlala ea seoa. Athe Elia h’a ka a rongoa le ho ea mong oa bona, ha e se ho mohlolohali oa Sarepta, Naheng ea Sidone. Le teng, balepera ba ne ba le bangata Israeleng, mehleng ea moprofeta Elisha, empa ha ho le ea mong oa bona ea ileng a folisoa, ha e se Naamane, Mosiria.

Ha ba utloa tsena, bohle ba ka tlung ea thapelo ba tlokoma ke khalefo. Ba ema, ba mo kharameletsa ka ntle ho motse, ‘me ba mo isa lintšing tsa selomo sa thaba eo motse oa bona o neng o ahiloe holim’a eona, ho mo lihela. Empa eena a iphetela har’a bona, a ikela.

Vinkmag ad

Read Previous

La 31 Phato 2024

Read Next

La 3 Loetse 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular