Vinkmag ad

La 30 Phato 2024

Beke ea 21 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Korinthe. (1,18-25)

“Re ruta Kriste ea thakhisitsoeng, eo e leng khopiso ho batho; empa ho ba bitsitsoeng e leng bohlale ba Molimo.”

Bana beso! Kriste h’a nthoma ho hlatsoa, empa ho bolela Evangeli, e seng ka bokheleke, esere sefapano sa Kriste sa fetoloa lefeela, hobane ho bua ka sefapano ke bohlanya ho ba eang timelong, athe ke matla a Molimo ho ba eang pholohong, ke hore ho rona.

Hobane ho ngotsoe, ho thoe: Ke tla timetsa bohlale ba bohlale, ke felise masene a ba masene. O kae ea bohlale? O kae mohlalefi? O kae mangangelle oa tšiu tsena? Ana Molimo h’a ka a fetola bohlale ba lefatše lena bohlanya? Ere kaha lefatše, ka tsela ea bohlalefi ba lona, le sa ka la tseba Molimo bohlaleng ba hae, ho khahlile Molimo ho pholosa balumeli ka bohlanya ba thuto ea rona.

Efela Bajodi ba kopa lipontšo, ‘me Ba-Gereke ba batla bohlale. Ha e le rona, re ruta Kriste ea thakhisitsoeng, eo e leng khopiso ho Bajodi le bohlanya ho balichaba. Empa ho ba bitsitsoeng, leha e le Bajodi kapa Ba-Gereke, ke Kriste eo e leng matla a Molimo le bohlale ba Molimo, hobane bothoto ba Molimo bo feta bohlale ba batho, ‘me bofokoli ba Molimo bo feta matla a batho.

PESALEMA 32 (1-2.4-5.10 le 11. R. 5)

LEFATšE LOHLE LE TLETSE MOHAU OA MORENA.

Etsetsang Morena litlatse, lona ba lokileng,

ba lokelang ho mo rorisa ke ba pelo li ntle.

Bokang Morena ka harepa,

le mo letsetse cithara.

Hobane lentsoe la Morena ke la ‘nete,

le mesebetsi eohle ea hae e tiile.

O rata toka, o hloka leeme,

lefatše lohle le tletse mohau oa Morena.

Morena o fetola merero ea lichaba lefeela,

o nyopisa mehopolo ea merabe.

Athe morero oa Morena o tiile ka mehla,

mehopolo ea pelo ea hae ke ea meloko le meloko.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (25,1-13)

“Monyali ke eo a fihla! Tsoang le e’o mo khahlametsa.”

Ka nako eo, Jesu a bolella barutuoa ba hae papiso ena: ‘Muso oa maholimo o tla tšoana le baroetsana ha leshome, bao eitseng hoba ba nke mabone a bona, eaba ba tsoa ho ea khahlametsa monyali le monyaluoa, ba bahlano ba bona e ne e le lithoto, ha ba bahlano e ne e le ba bohlale. Ba bahlano ba lithoto ba nka mabone ba sa nka oli; athe ba bohlale bona, ba ile ba nka oli ka lipitsaneng tsa bona hammoho le mabone. Kaha monyali o ile a lieha, bohle ba otsela ‘me ba khaleha.

Empa har’a mpa ea bosiu ke ha ho utloahala mohoo: Monyali ke eo a fihla! Tsoang le e’o mo khahlametsa. Eaba baroetsana bao ba tsoha kaofela, ‘me ba lokisa mabone a bona. Ba lithoto ba re ho ba bohlale: Re qhatsetseng oli ea lona, hobane mabone a rona aa tima. Empa ba bohlale ba araba ba re: Mohlomong e ka tšoha e sa lekane rona le lona; mpeng le eeng ho ithekela eona ho barekisi. Eare ba sa ile ho reka, monyali a fihla, ‘me ba neng ba itokiselitse ba kena le eena moketeng oa lenyalo; ha ba ha koaloa monyako. Qetellong, le bona baroetsana ba bang ba fihla, ba re: Morena, Morena, re bulele. Empa eena a araba, a re: Kannete, ke re ho lona, ha ke le tsebe. Falimehang ke hona hobane ha le tsebe letsatsi leha e le hora.

Vinkmag ad

Read Previous

La 29 Phato 2024

Read Next

Akello le Mazenod li kopanya lihlooho

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular