Vinkmag ad

Akello le Mazenod li kopanya lihlooho

Kampani ea Thekiso le Libuka ka Marang-rang ea Akello e tekenetse selekane le ea Mazenod, ho rekisetsa Basotho le sechaba libuka ka marang-rang. Tsena li etsahetse maohong oa Econet HigherLife Mazenod ka la 30 Phato monongoaha.

H’a hlalosa litaba tsa Akello Monghali Emmanuel Chonga ea sebetsang e le ‘Mokelli oa Libuka tsa Thuto, o itse sepheo se seholo sa kampani ke ho thusa batho bohle ho fumana thuto ka mokhoa o bobebe oa marang-rang. O re kamphani ena har’a mesebetsi eo e e etsang ke ho thusa baithuti ba Likolong tsa Mathomo le tse Mahareng ka libuka kapa lithusa-thuto, e sa sie litichere morao. Le hoja e thusa baithuti hakaalo o re kahara marang-rang a bona ha ho fumanehe feela libuka tsa thuto empa le tse ling tsohle molemong oa batho ba ratang ho bala. Kaha ba ne ba shebile haholo ho thusa bohle o re libuka tsena li fumaneha ka litheko tse tlaase, ebile motho kamor’a ho reka buka a ka e bala ntle ho marang-rang ka ho ba le ‘app’ mohaleng oa hae oa thekeng.

O tsoetsepele ho bontša hore joalokaha Akello e le karolo ea Kampani ea Econet, ba khutlisetsa sechabeng ka ho se thusa ka Lefapha la Thuto le bitsoang HigherLife Foundation kaha ho e-na le libuka tseo motho a ka li balang mahala. A re takatso ea bona ke ho theha selekane le likampani tse ling tsa Afrika e le ho anetsa thuto ho bohle, ‘me ha joale Lesotho ke Naha ea bobeli kamor’a Zimbabwe.

Akello e ne e thehoe Naheng ea Zimbabwe ka selemo sa 2021 ke Mofumahatsa Tanya Masiyiwa. Etela link ena ho ipalla libuka tsa Sesotho tsa Mazenod le tse ling, ‘moho le Koranta ea Moeletsi oa Basotho; library.akello.co

Vinkmag ad

Read Previous

La 30 Phato 2024

Read Next

La 31 Phato 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular