Vinkmag ad

La 28 Phato 2024

Beke ea 21 har’a selemo

Sehopotso sa Augustinus ea Halalelang, Mobishopo

Laboraro

Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Paulosi ho Ba-Thessalonika. (3,6-10.16-18)

“Ha e mong a sa rate ho sebetsa, le teng a se ke a ja.”

Bana b’eso! Re le laela ka lebitso la Morena oa rona Jesu Kriste, hore le khaohane le moena ofe le ofe ea phelang ka bohlasoa, e seng ka thuto eo a e amohetseng ho rona. Lona ka sebele le tseba hantle hore na le tšoanetse ho re etsisa joang. Ha rea ka ra phela ka bohlasoa ha re le har’a lona. Ha rea ka ra ja bohobe ba motho feela, empa e le ka mosebetsi le ka mokhathala oa rona, re ntse re sebetsa bosiu le motšeare, re tle re se ke ra hloka le ea mong oa lona. E ne e se ka hore re hloka tokelo, empa e le hore re le behele mehlala, le tle le re etsise. Hobane ha re sa le har’a lona, re ile ra le bolella hore, ha e mong a sa rate ho sebetsa, le teng a se ke a ja.

Morena oa khotso ka sebele a ke a le nehe khotso kamehla le ka mekhoa eohle! Morena a ke a be le lona bohle! Tumeliso ena e ngotsoe ka letsoho la ka, ‘Na Paulosi. Ke ona mokhoa oa ka oa ho tekena mangolo a ka ‘ohle; ke ngola joalo. Mohau oa Morena oa rona Jesu Kriste o ke o be le lona bohle! Amen.

PESALEMA 127 (1-2.4-5. R. 1)

HO LEHLOHONOLO BOHLE BA TšABANG MORENA.

U lehlohonolo uena, ha u tšaba Morena,

‘me u tsamaea litseleng tsa hae.

U tla ja tsa mosebetsi oa matsoho a hao,

katleho le mahlohonolo li u aparele.

Efela o hlohonolofatsoa joalo

motho ea tšabang Morena.

Morena a ke a u hlohonolofatse a le Sione,

u ke u bone boiketlo ba Jerusalema

ka matsatsi ‘ohle a ho phela ha hao.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (23,27-32)

“Le ipaka e le lona hore le bana ba ba bolaileng baprofeta.”

Ka nako eo, Jesu a bua a re: Ho malimabe lona, Bangoli le Bafarisi, lona baikaketsi, hobane le tšoana le mabitla a koetlisitsoeng, a bonahalang ho batho a le matle kantle, empa kahare a tletse masapo a ba shoeleng le libolu. Ho joalo ho lona, hobane le bonahala le lokile mahlong a batho, empa kahare le tletse boikaketsi le bokhopo.

Ho malimabe lona, Bangoli le Bafarisi, lona baikaketsi, ba ahang mabitla a baprofeta, ‘me ba khabisang mabitla a ba lokileng, le re: Hoja re phetse mehleng ea bo-ntat’a rona, re ka be re hlokile kopano le bona maling a baprofeta. Ka hona le ntse le ipaka e le lona hore le bana ba ba bolaileng baprofeta. Ha ho le joalo, tlatsang tekanyo ea bo-ntat’a lona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 27 Phato 2024

Read Next

La 29 Phato 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular