Vinkmag ad

La 19 Phato 2024

Beke ea 20 har’a selemo

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Ezekiele. (24,15-24)

“Ezekiele e tla ba pontšo ho lona. Nthong tsohle le tla etsa joaloka ha eena a entse.”

Lentsoe la Morena le ile la mphihlela, la re: Mor’a motho, ke lekhatheng la ho hloibila ea khahlang mahlo a hau ho feta bohle. Empa u se lle leha e le ho bokolla, u se ke ua ntša meokho. U feheloe u khutsitse. U se be bofifing ba mofu, u ‘n’u roale moqhaka le meqathatso, u se ke ua ikhaola litelu ‘me u se ke ua ja bohobe ba bofifi.

Ka bolella sechaba tsena hoseng, ‘me mantsiboea mosali oa ka a hlokahala. Hoseng ka le hlahlamang, ka etsa kamoo ke laetsoeng kateng. Eaba sechaba se re ho ‘na: “Na u ke ke ua re qaqisetsa hore na seo u se etsang moo se re tšoantšetsa eng?”

Ka araba, ka re: Lentsoe la Morena le mphihletse, le re: E-re ho ba ntlo ea Israele, Morena Molimo o bua joana: Ke se ke tla tlontlolla sehalalelo sa ka, e leng setsi sa boikhohomoso bo boholo ba lona, le se khahlang mahlo a lona ‘me se ratoang ke lipelo tsa lona. Bara le barali ba lona bao le ba siileng morao ba tla rapalatsoa ka sabole.

Ke moo le tla etsa joaloka ha ke entse: le ke ke la ikhaola litelu leha e le ho ja bohobe ba bofifi; le tla ‘ne le roale meqhaka hloohong le meqathatso maotong, ‘me le ke ke la lla leha e le ho bokolla. Le tla khoebethoa ke letsoalo ka baka la melato ea lona, ‘me motho a bobolele e mong.

Ezekiele e tla ba pontšo ho lõna. Nthong tsohle le tla etsa joaloka ha eena a entse, e le hore, mohla tsena li etsahalang, le tle le tsebe hore ke ‘na Morena Molimo.

PESALEMA (Deut 32,18-21. R. 18)

U LEBETSE MOLIMO EA U TSOETSENG

Ha u natse Lefika le u tsoetseng,

u lebetse Molimo ea u bopileng.

Morena o bone hoo, ‘me a halefa,

a lahla bara le barali ba hae.

A re: ke tla ba patela sefahleho sa ka,

ke tle ke bone hore na ba tla fella kae,

hobane ke moloko o bolotsana,

ke bana ba hlokang botšepehi,

Ba bakile poulelo ea ka ka seo e seng Molimo,

ba nkhalefisitse ka melimo ea bona ea bohata. 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (19,16-22)

“Ha u rata ho phetheha, u rekise lintho tsa hau, ‘me u tla ba le leruo maholimong.”

Ka nako eo, motho e mong a atamela, a re ho Jesu: Moruti ea molemo, ke tla etsa eng e molemo hore ke tle ke be le bophelo bo sa feleng na? Jesu a araba a re: U mpotsetsa’ng mabapi le se molemo na? Ea molemo o mong: ke Molimo. Ha u rata ho kena bophelong, boloka melao.

A re ho eena: Efe na? Jesu a re: U se ke ua bolaea, u se ke ua feba, u se ke ua utsoa, u se ke ua fana ka bopaki ba bohata, hlonepha ntat’ao le ‘m’ao; hape: u rate le oa heno joaloka ha u ithata. Mohlankana a re ho eena: Tsena tsohle ke li bolokile ho tloha bonyenyaneng ba ka: joale ke sa haelloa ke’ng?

Jesu a re ho eena: Ha eba u rata ho phetheha, e-ea, u rekise lintho tsa hau, u fane ho mafutsana, ‘me u tla ba le leruo maholimong; u ntan’o tla, u ntatele.

Eitse hoba mohlanka a utloe lentsoe leo, a tsamaea a soabile; hobane o n’a e-na le maruo a mangata.

Vinkmag ad

Read Previous

La 17 Phato 2024

Read Next

Ba tšehetseng ha ba anyesa

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular