Vinkmag ad

Litša tsa tsela

Lekala la Mesebetsi ea Sechaba le Lipalangoang ka Lefapha la Setsi sa Litsela(Road Directorate) le khakotse lenane-thuto le hlokomelisang sechaba ka ho se kena-kenane le litša tsa tsela, tšebeletsong e bileng Lower Thetsane, Maseru ka la 11 Phupu monongoaha. Litša tsa tsela ke kakaretso ea bophara ba 60m, ho kenyeletsa tsela ka mahlakore a eona, liforo, marobalo, sebaka sa motsamao oa litaaso le tse ling tse kahare ho meeli ea tsela.

Bohlokoa ba litša tsa tsela bo hlalosoa ke Setsi sa Litsela e le ho nolofatsa tšebetso nakong ea ho atolosoa ha litsela le ho li nchafatsoa bocha. Ho boetse hape ho boloka bophelo ba sechaba ka ho ba qobisa likotsi nakong eo likoloi li tsoang taolong a phethoha le ho fa litaaso litsela tsa ho tsamaea ntle le tšitiso ea sephethephethe.

Ho ea ka Letona la Khoebo, Mesebetsi e Moholo le Likhoebo tse Nyenyane Mohlomphehi Mokhethi Shelile, ea buileng lebitsong la Letona la Mesebetsi ea Sechaba le Lipalangoang, boholo ba litša tsa tsela bo hometsoe ke likhoebo le khaho ea matlo. “E ‘ngoe e bonahalang e kekela ke khaho ea likolo kahare ho litša tsa tsela.” A rialo. O re ke nako ea hore mafapha ohle a kopane ‘moho ho sireletsa setša sa tsela molemong oa meloko e tlang. A tiisa hore ke ka ho tšoarisana ka matsoho bohle re ka tsebang ho fenya kholumolumo ena ea ho haptjoa ha litša tsa tsela.

Vinkmag ad

Read Previous

La 12 Phupu 2024

Read Next

La 13 Phupu 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular