Vinkmag ad

La 9 Phupu 2024

Beke ea 14 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Hosea. (8, 4-7.11-13)

“Ba jetse moea, ba tla kotula sefefo.”

Ke sena seo Morena a se bolelang: ‘Musong oa Israele, batho ba ile ba beha likhosi, empa e seng ka tumello ea ka, ba beha mahosana, empa e seng ka takatso ea ka. Ka silvera le ka gauda ea bona ba iketsetsa melimo ea bohata e tla felisoa.

Uena Samaria, molimonyana oa hao oa namane oa ‘nkhela, ke tuka ke bohale ka baka la oona. Ho tla nka nako e kae pele bana ba Israele ba itlhoekisa? Hobane oona ke o entsoeng ke lelala, ha se Molimo ho hang; namane ea Samaria e tla pongoa likoto. Ba jetse moea, ba tla kotula sefefo. Koro ea bona, e se nang qoapi, e ke ke ea e-ba le phofo; leha e n’e ka ba le eona, e n’e tla qetoa ke balichaba.

Efraime o ahile lialetare tse ngata, empa lialetare tsena li bile ho eena lebaka la sebe. Leha ke mo ngoletse melao e mengata-ngata, o e nkile joaloka e tsoang ho molichaba feela. Ba rata ho nyehela mahlabelo; empa ha ba a nyehela, ba itjella nama ea ona. A joalo h’a amohelehe ho Morena! O tla hopola molato oa bona, a ba otle ka baka la libe tsa bona: ba tla khutlela Egepeta

PESALEMA 113b (3-4.5-6.7-8.9-10. R. 15)

BA NTLO EA ISRAELE BA TšEPE MORENA

Molimo oa rona o leholimong,

tsohle tse mo khahlang oa li etsa.

Melimo ea bona ea litšoantso ke silvera le gauda,

ke mosebetsi oa matsoho a batho.

E na le melomo empa ha e bue,

e na le mahlo empa ha e bone.

E na le litsebe empa ha e utloe,

e na le linko empa ha e fofonele.

E na le matsoho empa ha e ame,

e na le maoto empa ha e tsamaee;

ha ho molumo o tsoang qoqothong tsa eona.

Ba e entseng ba tla ba joaloka eona,

esita le bohle ba e tšepang.

Ba Ntlo ea Israele ba tšepe Morena:

thuso le thebe ea bona ke eena.

Ba Ntlo ea Aarone ba tšepe Morena:

thuso le thebe ea bona ke eena.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (9, 32-38)

“Kotulo e hlile e kholo, empa basebetsi ha ba bakae.”

Ka nako eo, ha tlisoa ho Jesu motho oa semumu, ea tšoenngoang ke modemone. Hoba modemone a lelekoe, semumu sa bua. Matšoele a makala, a re: Ntho e joalo ha e e-s’o ka e bonoa Israeleng. Ha e le Bafarisi ba ne ba re; o leleka bademone ka morena oa bademone.

Jesu o ne a e-ea le metse le metsana eohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a eona, a phatlalatsa Molaetsa o Molemo oa ‘Muso, a folisa maloetse ‘ohle le mafu ‘ohle.

Eare ha Jesu a bona matšoele, a a utloela bohloko, hobane a ne a nyahame pelo, a saretsoe joaloka linku tse se nang molisa. Joale a re ho barutuoa ba hae: Kotulo e hlile e kholo, empa basebetsi ha ba bakae. Ha ho le joalo, rapelang mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.

Vinkmag ad

Read Previous

La 8 Phupu 2024

Read Next

La 10 Phupu 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular