Vinkmag ad

La 29 Phupjane 2024

Beke ea 12 har’a selemo

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (12,1-11)

“Ke tseba e le kannete hore Morena o ‘namoletse matsohong a Heroda.”

Matsatsing ao, Morena Heroda a isa ba bang ba Kereke letsoho ho ba hlokofatsa. A bolaea Jakobo, ngoan’abo Joannes, ka sabole. Eare ha a bona hore hona ho thabisitse Bajodi, a tšoara le eena Peterosi.
E ne e le matsatsing a mahobe a sa lomosoang, hoba a mo tšoare, a mo kenya chankaneng, a mo beha tebelong ea lihlopha tse ‘ne tsa masole a mane. O na rata ho mo hlahisa ho sechaba kamor’a Paseka. Ha Peterosi a ntse a bolokiloe joalo chankaneng, Kereke e ne e sa khaotse ho mo etsetsa thapelo ho Molimo.
Bosiung bona boo ba mohla Heroda a neng a tla mo hlahisa, Peterosi o n’a tlanngoe ka liketane tse peli, a robetse pakeng tsa masole a mabeli, ‘me balebeli ba ne ba lebetse monyako oa chankana.
Eaba moo lenyeloi la Morena le fihlang pel’a hae, ‘me leseli la khanya ka teronkong. La sisinya Peterosi lehlakoreng, la mo tsosa la re: Tsoha kapele! ‘Me liketane tsa oa matsohong a hae. Lenyeloi la nt’o re ho eena:
Itlame, u roale meqathatso. A etsa joalo. La boela la re ho eena: Apara kobo ‘me u ntatele.
Peterosi a tsoa a le setse morao. O n’a sa tsebe na ho etsoang ke lenyeloi ke ‘nete, a mpa a lekanya hore o bona pono. Ha ba fetile sehlopha sa pele le sa bobeli sa balebeli, ba fihla pel’a lemati la tšepe la monyako o tsoelang motseng, ‘me la ipulela lona.
Ba tsoa ba tsama-tsamaea seterateng se seng, ‘me hang-hang lenyeloi la tloha ho eena. E bile moo Peterosi a hlaphoheloang ‘me a re: Joale ke tseba e le ka ‘nete hore Morena o romile Lenyeloi la hae ho tla ‘namole!a matsohong a Heroda le tebellong eohle ea sechaba sa Bajodi.

Pesalema 33 (2-9. R. 8)
LENGELOI LA MORENA LE LARILE HAUFI LE BA MO TšABANG.

Ke tla boka Morena ka nako tsohle,
molomo oa ka o tla mo roka kamehla.
Moea oa ka o ithorisa ka Morena.
Ba hlophehileng ba ke ba utloe, ba be ba thabe. 

A re tlotliseng Morena, rona bohle,
bohle a re phafeng lebitso la hae hammoho.
Ke batlile Morena, ‘me a nkaraba;
a ba a mpholosa matsoalong ‘ohle a ka.

Mo talimeng, ‘me lifahleho tsa lona li tla khanya,
le ke ke la hlajoa ke lihlong.
Mohloki ke eo a hoeletsa; Morena a mo utloa,
‘me a mo pholosa litlallong tsohle tsa hae.

Lenyeloi la Morena le larile haufi le ba mo tšabang,
hore le tle le ba thusetse.
Lemohang ‘me le bone hore Morena o molemo 
ho lehlohonolo motho ea tšabelang ho eena.

Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Paulosi ho Timothi.(4,6-8.16-18)

“Ho seng ho ntšaletse ke mofapahloho oa toka.”

Ha e le ‘na, ke se ke le lekhatheng la ho etsoa sehlabelo, ‘me nako ea ho falla ha ka e se e fihlile. Ke loanne senna, ke mathile ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo. Ho seng ho ntšaletse ke mofapahloho oa toka, oo Morena, moahloli ea lokileng, a tla mputsa ka oona letsatsing leo; e seng ‘na feela, empa le bohle ba lakatsang ho tla ha hae.
Ha ke ikarabella khotla khetlo la pele, ha hoa ka hoa e-ba le ea mong ea nkemelang empa bohle ba ntšabella. Leha ho le joalo, ba se ke ba behoa molato ke hona. Empa Morena eena a nkemela ‘me a ‘matlafatsa, hore ke tsebe ho phatlalatsa molaetsa oa hae ka ho tlala, lichabạ tsohle li tle li o utloe. Ka ba ka namoleloa molomong oa tau. 
Morena o tla ‘namolela mererong eohle e mebe, o tla mpholosa, a nkenye ‘musong oa hae oa leholimo. Letlotlo le be ho eena kamehla le mehla! Amen.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (16,13-20)

“U Peterosi, ke tla be ke u nehe linotlolo tsa ‘muso oa maholimo.”

Ka nako eo, eitse ha Jesu a fihlile naheng ea Kaisaria-Filipi, a botsa barutuoa ba hae, a re: Ana batho ba re Mor’a motho ke mang? Ba mo araba, ba re: Ba bang ba re u Joannes Mohlatsoi, ba bang Elia, ba bang Jeremia kapa e mong oa baprofeta.

Jesu a re ho bona: Empa lona le re ke mang na? Simone Peterosi a araba, a re: U Kriste, Mora oa Molimo ea phelang. Jesu a fetola a re ho eena: U lehlohonolo, Simone, mor’a Jona, hobane ha se motho oa nama le mali ea u senoletseng hona, empa ke Ntate ea maholimong. ‘Me ‘na ke re ho uena: U Peterosi ‘me holim’a letlapa lena ke tla aha Kereke ea ka, ‘me likhoro tsa lihele li ke ke tsa e hlola. Ke tla be ke u nehe linotlolo tsa ‘muso oa maholimo; hohle hoo u tla ho tlama lefatšeng ho tla tlangoa le maholimong, ‘me hohle hoo u tla ho lokolla lefatšeng ho tla lokolloa le maholimong.

Joale a laela barutuoa ba hae hore ba se bolelle motho hoba ke eena Kriste.

Vinkmag ad

Read Previous

Tharollo mabapi le moruo

Read Next

La 1 Phupu 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular