Vinkmag ad

Tharollo mabapi le moruo

Letona la Thuto le Koetliso, Prof. Ntoi Rapapa o re boiteko bo boholo ba AFRITAC Boroa ba kopanelo ea ho khothaletsa botsitso ba moruo le lichelete, bo ntse bo tsoelapele ho hlahisa liphephetso tse nyarosang ho baetsi ba maano ba lebatooa la Afrika e ka Boroa ba Sahara(SSA). O buile tsena ‘mokeng oa selemo le selemo oa Komiti e Tsamaisang Mokhatlo oa AFRITAC Boroa, o tšoaretsoeng Lehakoe, Maseru ka la 27 ho isa la 28 Phupjane monongoaha.

O boletse hore liqholotso tse ngata tse tobaneng le tlhokahalo ea botsitso ba moruo le lichelete, li hloka ho kopaneloa ke linaha tsohle tsa Afrika e le ho aha boikemelo le ho etsa liqeto tse sebete le liphetoho tsa nako e mahareng ho isa ho e telele. A tiisa hore liphetoho tse joalo li lokela ho shebana le ho khutlisetsa botsitso ba moruo o moholo bakeng sa katleho e tla arolelanoa ke linaha tsohle tsa Afrika. A leboha le ho lakaletsa bohle tšebetso e monate.

AFRITAC Boroa ke Mokhatlo o kopanetsoeng ke linaha tse 13 tsa Tikoloho ea Afrika, tlasa tšehetso ea Letlole la Lichelete la Machaba(IMF). Morero o moholo oa ona ke ho thusa linaha litabeng tsa mahlale a sejoale-joale le ho thakelana ka malebela mafapheng a fapakaneng a kholiso ea moruo le botsitso ba lichelete. E boetse e thusa hape taolong le tsamaisong ea lichelete tsa sechaba, tsamaiso ea lekhetho, tsamaiso le taolo ea libanka, leano la lichelete le lisebelisoa tsa ‘maraka oa lichelete le puso e khahlanong le bobolu.

Vinkmag ad

Read Previous

La 28 Phupjane 2024

Read Next

La 29 Phupjane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular