Beke ea 12 har’a selemo
Labohlano
Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Likhosi. (25,1-12)
“Juda ea isoa kholehong.”
Ka selemo sa borobong sa puso ea Tsedekia, khoeling ea leshome, ka la leshome ho eona, Nebukadnezere, khosi ea Babilone, a futuhela Jerusalema ka mabotho ‘ohle a hae. A lara pel’a eona, a ba a aha lighobosheane tse e potileng. Motse oa lika-liketsoa ho fihlela selemong sa leshome le motso o mong sa puso ea Tsedekia.
Ka la borobong la khoeli ea bone, ha tlala e n’e s’e iphile matla motseng, ho se ho se lijo tse saletseng sechaba sa teng, ha phunngoa lerako la motse. Khosi le bahlabani bohle ba baleha le bosiu ka tsela ea khoro e mahareng a marako a mabeli a pel’a tšimo ea khosi leha Ba-Kaldea ba ne ba ntse ba teetse motse hare. Ba tsamaea ka tsela e lebang Araba.
Empa mabotho a ba-Kalde a phallela khosi, a e fumana mahoatateng a Jeriko; ‘me mabotho ‘ohle a eona a e qhalanela. Khosi ea tšoaroa ‘me ea tlisoa Ribla, ho khosi ea Babilone, moo e ileng ea ahloloa teng. Bara ba Tsedekia ba bolaoa moo a ntseng a ba shebile. Tsedekia a nt’o honngoa mahlo, a tlangoa ka mahlaahlela a koporo, ‘me a isoa Babilone.
Khoeling ea bohlano, ka tsatsi la bosupa ho eona, selemong sa leshome le metso e robong sa puso ea Nebukadnezare, khosi ea Babilone, Nebukadnezare, molaoli oa balebeli ba khosi, le mohlanka oa khosi ea Babilone, a kena Jerusalema. A chesa Ntlo ea Morena, le ntlo ea khosi, le matlo ‘ohle a Jerusalema.
Mabotho ‘ohle a Ba-Kaldea, a taolong ea molaoli oa balebeli ba khosi, a qhaqha lerako lohle le pota-potileng Jerusalema. Nebuzaradane, molaoli oa balebeli ba khosi, a isa kholehong bohle ba setseng e leng ba siiloeng motseng, le bathobi ba inehetseng khosi ea Babilone, le basebetsi ba setseng. Molaoli oa balebeli ba khosi a siea sechaba sa mafutsana, hore se leme masimo a morara le a mang.
PESALEMA 136 (1-2.3.4-5.6 R. 6)
LELEME LA KA LE MANAME MAHALAPENG HA KE SA U HOPOLE.
Re ne re lutse mabopong a linoka tsa Babilone,
re lla, ha re hopola Sione
re fanyehile liharepa tsa rona
makaleng a meluoane ea naha eo.
Ke ha ba re hapileng ba re kopa ho bina sefela,
le bahlokofatsi ba rona ho bontša thabo,
ba re: “A ke le re bineleng
sefela sa Sione.”
Re ka bina sefela sa Morena joang
lefatšeng la balichaba?
Ha nka u lebala Jerusalema,
letsoho la ka le ke le omelle;
leleme la ka le maname mahalapeng,
ha ke sa u hopole,
ha ke sa etse Jerusalema
tlhoro ea thabo ea ka.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (8,1-4)
“Ha e-ba u rata u ka ntlhoekisa.”
Hoba Jesu a theohe thabeng, matšoele a mangata a mo latela. Ke ha ho atamela molepera, a mo khumamela,
a re: Morena, ha eba u rata, u ka ntlhoekisa. Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: Kea rata, u hloekisoe. Eaba o hloekisoa lepereng la hae hang-hang.
Jesu a re ho eena: Hlokomela hore u se bolelle motho, u mpe u e’o ipontša ho moprista, u nyehele ka mpho e neng e laeloe ke Moshe, hore e be bopaki ho bona.