Vinkmag ad

La 22 Phupjane 2024

Beke ea 11 har’a selemo

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Lietsahala. (24,17-25)

“Zakaria, eo le ‘molaileng pakeng tsa tempele le aletare.”

Ka morao ho lefu la Jehojada, mahosana a Juda a tla, a itihela fatše pel’a khosi ho e hlonepha, ‘me joale khosi ea a mamela. Eaba batho ba Juda ba furalla Ntlo ea Morena, Molimo oa bo-ntat’a bona, ba sebeletsa litšiea tse halalelang le melimo ea bohata. Khalefo ea Morena ea oela Juda le Jerusalema ka baka la molato ona oa bona. Ho ba khutlisetsa ho eena, Morena a ba romela baprofeta ka molaetsa o ba tsoang, empa bona ba se ke ba ba mamela.

Eaba moea oa Molimo o kena Zakaria, mor’a moprista Jehojada. A ema pel’a sechaba, a re ho sona: Ke sena seo Molimo a se bolelang: Le tlollela’ng melao ea Morena, leha hoo ho sa le atlehise? Ere ka ha le furaletse Morena, le eena o tla le furalla. Ke ha ba mo rera sehloho, ba ba ba mo tlepetsa ka majoe lebaleng la Ntlo ea Morena, ka taelo ea khosi.

Khosi Joashe a itimeletsa molemo oo Jehojada, ntat’a Zakaria, a neng a mo etselitse oona; a bolaea mora oa hae, eo eitseng ha a e-shoa a re: Morena a ke a bone hona ‘me a phetetse!

Ha selemo se thoasa, makhotla a ba-Arame a futuhela Joashe. A ba a fihla Juda le Jerusalema, a timetsa mahosana ‘ohle a sechaba, ‘me a romela khapo eohle ea ‘ona ho khosi ea Damaseka.

Leba makhotla a ba-Arame a ne a tlile ka palo ea batho ba seng bakae, Morena a nehela makhotla a mangata haholo liatleng tsa bona, kaha batho ba Juda ba ne ba furaletse Morena, Molimo oa bo-ntata bona. Ba-Arame ba fa Joashe kotlo e mo tšoanelang.

Eitse hoba ba tlohe ho eena ‘me ba mo siee a hoehla ke bohloko, bahlanka ba hae ba mo rera sehloho ka baka la mali a mora oa moprista Jehojada. Eaba ba ‘molaela liphateng tsa hae. A shoa ‘me a patoa motseng oa Davida. Empa e seng mabitleng a likhosi.

PESALEMA 88 (4-5.29-30.31-32.33-34 R, 29)

KE TLA ‘MABALLA MOHAUNG OA KA KAMEHLA.

Ke hlabile selekane le mokhethuoa oa ka,

ka hlapanyetsa Davida, mohlanka oa ka,

ka re: “Ke tla tiisa lesika la hao kamehla,

le terone ea hao ho tloha molokong ho isa molokong.

Ke tla ‘maballa mohaung oa ka kamehla

selekane sa rona le eena e tla ba se tiileng,

Ke tla tiisa lesika la hae kamehla

le terone ea hae ha feela maholimo a nts’a le teng.

Empa, ha bara ba hae ba ka furalla Molao oa ka,

ba sa natse likahlolo tsa ka,

ha ba ka tlola melao ea ka,

ba sa boloke litaelo tsa ka,

ke tla ba khalemella litlolo tsa bona ka thupa,

le molato oa bona ka phafa.

Empa nke ke ka mo amoha mohau oa ka,

nke ke ka shanofatsa botšepehi ba ka.”

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (6,24-34)

 “Le se ke la itoutisa ka tsa hosasane.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ha ho motho ea ka sebeletsang marena a mabeli; hobane o tla hloea e mong, a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong a khese e mong. Le sitoa ho sebeletsa Molimo le Chelete.

Ka baka leo kea le bolella, le se ke la itoutisa ka tsa bophelo ba lona, hore na le tla ja’ng kapa le tla noa’ng, leha e le ka tsa ‘mele oa lona, hore na le tla apara’ng. Ana bophelo ha bo fete lijo, ‘me ‘mele ha o fete liaparo na? Talimang linonyana tsa leholimo; ha li jale, ha li kotule, ha li bokelle melikong, empa Ntat’a lona oa maholimo oa li fepa. Ebe lona ha le li fete ka bohlokoa?

Ke mang ho lona eo, ka ho itoutisa, a ka lelefatsang bophelo ba hae ka motsotso o le mong? Le itoutisetsa’ng ka liaparo? Shebang mehalalitoe ea naha hore na e hola joang: ha e sebetse ka thata, ha e ohle. Empa kea le bolella, esita le Salomone, letlotlong lohle la hae, ha a ka a apara joaloka o mong oa eona.

Joale ha e le moo Molimo a apesa joalo joang ba naha, bo bang teng kajeno, ‘me ka moso bo lahleloe seboping, na a ke ke a le hlokomela ho feta, lona ba tumelo e nyenyane? Ha ho le joalo, le se ke la itoutisa, la re: Re tla ja’ng? Re tla noa’ng? kapa: Re tla apara’ng? Hobane ke bahetene ba ipatlelang tsena tsohle; athe Ntat’a lona ea maholimong o se a ntse a tseba hore tsena tsohle lea li hloka.

Pele ho tsohle, batlang ‘muso oa Molimo le ho loka ha oona, ‘me tseo tsohle le tla li ekeletsoa. Ka baka leo le se ke la itoutisa ka tsa hosasane, hobane la hosasane le tla itlhokomela. Letsatsi ka leng le lekanoa ke mathata a lona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 21 Phupjane 2024

Read Next

La 24 Phupjane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular