Vinkmag ad

La 17 Phupjane 2024

Beke ea 11 har’a selemo

‘Mantaha

Ho baloa Bukeng ea Pele ea Likhosi. (21,1-16)

“Ba tlepetsa Nabothe ka majoe, a shoa.”

Mehleng eo, Nabothe oa Jizreele o n’a e-na le tšimo ea morara Jizreele, haufì le ntlo ea borena ea khosi ea Samaria, Akhabe. Akhabe a bua le Nabothe, a re: Mphe tšimo ea hao ea morara, ke tle ke iketsetse serapa sa meroho, hobane e haufi-ufi le ntlo ea ka. Bakeng sa eona ke tla u fa tšimo e ‘ngoe ea morara, e e fetang ka botle; kapa ha u rata, ke tla u fa chelete e ka lekanang theko ea eona.

Empa Nabothe a re ho Akhabe: Molimo a nthuse ke se u nehe lefa la bo-ntate. Akhabe a boela hae, a khenne, a halefile ke karabo ea Nabothe oa Jizreele, ha a re: Nke ke ka u neha lefa la bo-ntate. A robala liphateng tsa hae, a sheba leboteng, a hana le lijo.

Jezebele, mosali oa hae, a tla ho eena, a re: U khentšitsoe ke’ng hakale, hoo u bileng u hanang le lijo? A re ho eena: Ke sa tsoa bua le Nabothe oa Jizreele, ka re ho eena: Mphe tšimo ea hao ea morara, ke e reke ka chelete: kapa, ha u rata, ke tla u fa tšimo e ‘ngoe e morara bakeng sa eona. Eena o nkarabile ka hore: Nke ke ka u neha tšimo ea ka ea morara.

Jezebele, mosali oa hae, a re ho eena: Ana ke uena ea busang Israele kajeno kapa ke e mong? Tsoha, u je, u boele u thabe: ke ‘na ea tla u neha tšimo eo ea morara ea Nabothe oa Jizreele! Ke ha a ngola mangolo lebitsong la Akhabe, a a koala, a ba a a tiisa ka setempe sa khosi.

A romela mangolo ana ho baholo le ho batho ba phahameng ba motse oa habo Nabothe, ba ahisaneng le eena. Mangolong ao o n’a ngotse tjena: Khethang letsatsi la ho itima, le fe Nabothe setulo se kapele, pontšeng ea sechaba. Mabapa le eena le behe banna ba babeli ba litlokotsebe, ba tle ba mo qose, ba re: U rohakile Molimo le khosi. Le nt’o mo ntšetsa kantle, le mo tlepetse ka majoe, a shoe.

Banna ba habo Nabothe, e leng baholo le batho ba phahameng ba ahisaneng le eena, ba etsa kamoo Jezebele a ba laetseng kateng, le ho ea ka se ngotsoeng mangolong ao a ba rometseng ‘ona. Ba khetha letsatsi la ho itima, ba fa Nabothe setulo se kapele, pontšeng ea sechaba. Ha tla banna ba babeli, ba litlokotsebe, ba fihla ba lula mabapa le eena. Litlokotsebe tsa qosa Nabothe pontšeng ea sechaba, tsa re: Nabothe o rohakile Molimo le khosi. Ba nt’o mo ntšetsa kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majoe, a shoa. Eaba ba tsebisa Jezebele, ba re: Nabothe o tlepelitsoe ‘me o shoele.

Ha Jezebele a utloa hore Nabothe o tlepelitsoe ‘me o shoele, a re ho Khabe: Tsa m’o nka tšimo ea morara Nabothe oa Jezereele, eo a hanneng ho u rekisetsa eona. Nabothe ha a sa le eo, o shoele. Hang ha Akhabe a utloa hore Nabothe o shoele, a tloha, a theohela tšimong ea morara ea Nabothe oa Jezereele, ho inkela eona.

PESALEMA 5 (2-3.5-6T. R.)

U MAMELE SELLO SA KA, MORENA

Ak’u sekehele mantsoe a ka tsebe Morena,

U mamele sello sa ka.

U nkutloe ha ke ikopela thuso,

uena khosi ka, le Molimo oa ka.

Efela ha u Molimo ea khahloang ke bokhopo;

e mobe ha a amohelehe ho uena,

U timetsa ba buang leshano;

Morena o nyonya ‘molai le molotsana.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (5,38-42)

“Le se ke la ngangisana le motho e mobe.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Le utloile hore ho ne ho thoe: Leihlo le tla phetetsoa ka leihlo, leino ka leino. Empa ‘na kea le bolella ke re: le se ke la ngangisana le motho e mobe; ea u jabelang lerameng le letona, mo retelletse le leng: ea ratang ho u qosa le ho nka seaparo sa hao, mo tlohellele le eona kobo; ‘me ea u qophellang hore u tsamaee le eena mehato e sekete e ea le eena e likete li peli. Fa ea u kopang, ‘me u se ke ua furalla ea ratang ho alima ho uena.

Vinkmag ad

Read Previous

La 15 Phupjane 2024

Read Next

La 18 Phupjane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular