Vinkmag ad

La 4 Phupjane 2024

Beke ea 9 har’a selemo

Labobeli

Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Peterosi. (3,12-15.17-18)

“Re lebeletse maholimo a macha le lefatše le lecha.”

Baratuoa, le lebelle ‘me le akofise ho fihla ha letsatsi la Morena, leo ka lona maholimo a tla tuka, a be a fele, ‘me tsohle li tla qhibiliha ke lebatama la mollo. Empa ka baka la lipallo tsa hae, re lebeletse maholimo a macha le lefatše le lecha, moo toka e tla aha teng. Ka baka leo, baratuoa, ha le ntse le lebeletse tseo, le hle le ikitlaeletse ho phela le se na letheba le nyatseho, hore le tle le fumanoe le e-na le khotso.

Le hlokomele hore mamello ea Morena oa rona ke pholoho. Ka baka leo, lona baratuoa, kaha le lemositsoe, le falimehe e se re mohlomong ka ho huleloa bokhelohing ba maoatla, la oa moo le neng le tiile. Le mpe le hole mohaung le tsebong ea Morena le Mopholosi oa rona Jesu Kriste. Ho eena e be letlotlo, hona joale, le ho isa letsatsing la bosafeleng! Amen.

PESALEMA 89 (2.3-4.10.14 le 16. R. 1)

MORENA, U BILE SETšABELO SA RONA HO TLOHA MOLOKONG HO ISA MOLOKONG.

Morena, u bile setšabelo sa rona

ho tloha molokong ho isa molokong.

Pele lithaba li ka ba teng,

lefatše le lintho tsohle li e-s’o hlahe,

ho tloha neng ho isa neng, ke uena Molimo.

U busetsa motho leroleng,

u re: “Boela moo u tsoang, ngoan’a Adama.”

Litšiu tsa rona ke lemo tse mashome a supileng,

li ka letsatsi la maobane le seng le fetile,

li ka hora ea phalimeho ea bosiu.

ho ba matla ke mashome a robeli;

empa bongata ba tsona ke khathatso le sono,

li feta kapele, e be re nyametse.

U re khorise mohau oa hao e sa le hoseng,

re tle re nyakalle,

re thabe bophelong bohle ba rona.

Bontša bahlanka ba hao mosebetsi oa hao

le bana ba bona khanya ea hao.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. 12,13-17)

“Nehang Cesare tseo e leng tsa Cesare, le Molimo tseo e leng tsa Molimo.”

Ka nako eo, ba bang ba Bafarisi le ba-Heroda ba romeloa ho Jesu hore ba tle ba mo tšoase ka lipolelo tsa hae. Ba tla, ba re ho eena: Moruti, rea tseba u na le ‘nete, ha u na taba le motho, ‘me ha u talime boemo ba motho, empa u ruta tsela ea Molimo ka ‘nete. Na ho lumeletsoe ho ntšetsa Cesare khafa kapa che? Re le ntše kapa re se ke ra le ntša na?

Eena, ka ho tseba boikaketsi ba bona, a re ho bona: Le ntekela’ng na? Ntlisetseng denare, ke bone. Ba mo tlisetsa eona. A re ho bona: Setšoantšo see ke sa mang, le lebitso le ngotsoeng mona ke la mang na? Ba re ho eena: Tsa Cesare. Eaba Jesu o re ho bona: Nehang Cesare tseo e leng tsa Cesare, le Molimo tseo e leng tsa Molimo. ‘Me ba ne ba hlolloa ke eena.

Vinkmag ad

Read Previous

Ha re sebeliseng makhabane ana

Read Next

La 5 Phupjane 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular