Vinkmag ad

La 27 Motšeanong 2024

Beke ea 8 har’a selemo

‘Mantaha

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Peterosi. (1, 3-9)

“Le rata Kriste leha le sa ka la ‘mona. Ka ho lumela le nyakalla ka thabo e ke keng ea boleloa.”

Ho bokoe Molimo, Ntat’a Morena oa rona Jesu Kriste! Ka baka la mohau oa hae o moholo, o re tsoetse bocha ka tsoho ea Jesu Kriste bafung, hore re be le tšepo e phelang le lefa le se nang ho bola, leha e le ho silafala kapa ho pona.

Ke lona lefa leo le le boloketsoeng leholimong. Ka tumelo ea lona, matla a Molimo a le sireletsa ho le isa e lokiselitsoeng ho senoloa nakong ea qetello.

Le nyakaletse ke hona, leha hajoale le sa tšoanetse ho mamella ho se hokae, matšoenyeho a mefuta-futa. Joaloka gauda e lekoang ka mollo, tumelo ea lona (eo e leng ntho ea bohlokoa ho feta gauda) ha e se e nontsoe, e tla fetoha thoriso, letlotlo le hlonepho, mohla boiponahatso ba Morena oa rona Jesu Kriste.

Lea mo rata leha le sa ka la ‘mona, ‘me le hona joale le lumela ho eena, leha le sa ‘mone; empa ka ho lumela le nyakalla ka thabo e ke keng ea boleloa, e tlotlisehang, hobane le tla fumana pheletso ea tumelo ea lona, e leng pholoho ea meea ea lona.

PESALEMA 110 (1-2.5-6.9-10. R. 5)

MORENA O HOPOLA SELEKANE SA HAE KA BOSAFELENG.

Ke boka Morena ka pelo ea ka eohle,

sebokeng sa ba lokileng

le moo ho phutheheloang teng.

E meholo mesebetsi ea Morena,

e thahaselloa ke bohle ba khahloang ke eona.

O file ba mo tšabang lijo,

o hopola selekane sa hae ka bosafeleng.

O bonahalitse matla a mesebetsi ea hae

ho sechaba sa hae,

ka ho se neha lefa la lichaba.

O rometse sechaba sa hae pholoho,

o laetse hore selekane sa hae e be se sa feleng.

Ba phelang ka hona ba na le kutloisiso e ntle.

Thoko ea hae e hlola kamehla.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (10, 17-27)

“U e’o rekisa tsohle tseo u nang le tsona, u ntan’o tla, u ntatele.”

Ka nako eo, ha Jesu a kena tseleng, motho e mong a tla a matha, a otla ka lengole ka pele ho eena, a ‘motsa a re: Moruti ea molemo, ke tla etsa joang hore ke tla ke rue bophelo bo sa feleng na? Jesu a re ho eena: U mpitsa ea molemo ka baka la’ng? Ha ho ea molemo, ha e se Molimo a inotši. U tseba melao: U se ke ua bolaea, u se ke ua feba, u se ke ua utsoa, u se ke ua fana ka bopaki ba bohata, u se ke ua senyetsa ba bang, hlonepha ntat’ao le ‘m’ao.

Eo a mo araba, a re: Moruti, tsena tsohle ke li bo lokile ho tloha bocheng ba ka. Jesu a mo talima, a mo rata ‘me a re ho eena: U sa haelloa ke ntho e le ‘ngoe feela: tsamaea, u e’o rekisa tsohle tseo u nang le tsona, u fane ho mafutsana, ‘me u tla ba le leruo leholimong: u ntan’o tla, u ntatele.

Empa eo a khathala matla ke polelo eo, a ba a tsamaea a soabile, hobane o n’a e-na le maruo a mangata. Jesu a ea bohle ka mahlo, eaba o re ho barutuoa ba hae: Barui ba tla kena ‘Musong oa Molimo ka thata hakakang! Barutuoa ba ne ba hloletsoe ke lipolelo tsena. Empa Jesu a boela a ba bolella, a re: Bana ba ka, ho thata hakakang ho kena ‘Musong oa Molimo! Ho bile ho bonolo ho kamele ho feta ka lesoba la nale, ho e-na le hore morui a kene ‘musong oa Molimo.

Bona ba makala le ho feta, ba bolellana ba re: Joale ke mang ea ka pholohang? Eaba Jesu oa ba sheba o re: Ena ke taba e sitang batho, empa e seng Molimo, hobane ha ho letho le sitang Molimo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 25 Motšeanong 2024

Read Next

La 28 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular