Vinkmag ad

La 24 Motšeanong 2024

Beke ea 7 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Lengolong la Moapostola Jakobo. (5, 9-12)

“Bonang, moahloli o s’a eme monyako.”

Bana beso, le se ke la korotlelana, le tle le se ke la ahloloa. Bonang, moahloli o s’a eme monyako. Bana b’eso, le ke le nke mohlala oa mamello mahlokong le litsietsing, le oa boiphapanyo, ho baprofeta ba buileng ka lebitso la Morena.

Bonang, ba mameletseng re ba bitsa ba lehlohonolo. Le se le utloile mamello ea Jobo ‘me le bone pheletso ea hae eo a e nehiloeng ke Morena; hobane Morena o mohau, o lereko. Empa haholo-holo, bana b’eso, le se ke la hlapanya leha e le ka leholimo, leha e le ka lefatše, leha e le ka kano efe kapa efe. Empa ha le re “E”, e mpe e be “E;” ha le re “Che,” e mpe e be “Che:” le tle le se ke la oeloa ke kahlolo.

PESALEMA 102 (1-2.3-4.8-9.11-12 R. 8)

MORENA O MOSA, O LEREKO.

Boka Morena, moea oa ka, ka matla ‘ohle a hao,

u boke lebitso le halalelang la hae.

Boka Morena, moea oa ka,

U se ke ua lebala melemo eohle ea hae.

Ke eena ea tšoarelang melato eohle ea hao,

ea folisang maloetse ‘ohle a hao;

o pholosa bophelo ba hao lebitleng,

O u roesa mohau le mosa se-ka-tlokola.

Morena o mosa, o lereko,

o lieha ho halefa, o mohau o moholo.

A ke ke a u qosa ho-ea-ho-ile,

le khalefo ea hae ha se ea kamehla.

Joalokaha maholimo a phahametse lefatše,

ka mokhoa o tšoanang mohau oa hae

o moholo ho ba mo tšabang.

Joaloka ha Bochabela bo arohane le Bophirima,

ka mokhoa o tšoanang

o qhelela liphoso tsa rona thoko le rona.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Mareka. (10, 1-12)

“Seo Molimo a se kopantseng, motho a se ke a se arohanya.”

Ka nako eo, Jesu a tla tikolohong ea Judea, mose ho Jordane. Matšoele a mangata a boela a bokana ho eena, ‘me eena a ruta batho, kamoo a neng a tloaetse kateng.

Bafarisi ba tla ho Jesu, ba ‘motsa ka ho mo leka, ba re: Na monna o lumeletsoe ho hlala mosali oa hae? Empa eena a araba, a re ho bona: Moshe o le laetse’ng na? Bona ba re: Moshe o re lumeletse ho ngola lengolo la tlhalo le ho mo lokolla.

Jesu a ba fetola, a re: Ke ka baka la bothata ba lipelo tsa lona ha Moshe a le ngoletse taelo ena; empa tšimolohong ha Molimo a bopa batho o ile a ba etsa e le e motona le e motšehali. Ka baka leo monna o tla sia ntat’ae le ‘m’ae, a khomarele mosali oa hae, ‘me ba babeli e tla ba ntho e le ‘ngoe. Ha ho le joalo ha ba sa le babeli, e se e le ntho e le ‘ngoe. Seo Molimo a se kopantseng motho a se ke a se arohanya.

Ha ba boetse ba le ka tlung, barutuoa ba hae ba ‘motsa ka taba eo hape. A re ho bona: Mang le mang ea hlalang mosali oa hae a nyala e mong, o siteloa oa pele ka bofebe. ‘Me ha mosali a hlala monna oa hae, a nyaloa ke e mong, oa feba.

Vinkmag ad

Read Previous

La 23 Motšeanong 2024

Read Next

La 25 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular