Vinkmag ad

CBL, EU le WB boimatlafatsong

Letona la Lichelete le Meralo ea Ntšetsopele Dr. Retšelisitsoe Matlanyane.

Letona la Lichelete le Meralo ea Ntšetsopele Dr. Retšelisitsoe Matlanyane o thakhotse ka molao Lenane la Tšehetso ea chelete e kaalo ka M6Millione, lipakeng tsa Banka e Kholo ea Lesotho(CBL), Lekala la Lichelete le Meralo ea Ntšetsopele le balekane ba eona ba meralo le maano ba European Union(EU) le Banka ea Lefatše(WB), tšebeletsong e bileng Setsing sa Lipapali le Boithapollo sa Lehakoe, Maseru ka la 17 Motšeanong monongoaha.

Moemeli oa Banka ea Lefatše(WB), Monghali Ajai Nair.

Tšehetso ena ea Lenane la Lithuso e hlalosoa ke Moemeli oa Banka ea Lefatše(WB), Monghali Ajai Nair e tlil’o sebelisoa ka litsebo tsa WB ho tla matlafatsa CBL likarolong tse kenyeletsang hara tse ling, leano la ntlafatso ea lichelete le keketso ea tefo ka marang-rang. A re le boetse le tlil’o matlafatsa marang-rang a tefo ea mekitlane, ka ho fana ka lithuso tsa mahlale tse ikamahanyang le maemo a morao-rao. Ka holimo ho tsohle a tiisa hore ba tlil’o matlafatsa CBL ho phethahatsa thomo ea eona le ho sebelisa menyetla eohle e ka hlahang molemong oa bosebeletsi bo tsoileng matsoho.

A bontša hore ka thoko ho Lenane lena la lithuso, tšebelisano ‘moho lipakeng tsa CBL, WB le EU ke sesupo sa boitlamo bo tebileng ba kholo le ntšetsopele ea tsoelopele e chabileng, ea karolelano ea bokamoso moo motho ka mong a ka tsebang ho fihlela litšebeletso tsa lichelete ha bobebe. A qetella ka hore e boetse e bula tsela ea kholo le katleho e leng moo litsi tsena tse kholo li hokahangoang hammoho ho fihlela litlhoko tsa sechaba. Khakolong ena ho bile teng Mookameli oa CBL Dr. Emmanuel Letete, Moemeli oa EU Lesotho, Mohlomphehi Paola Amadei le bahlomphehi ba bang ba bangata.

Vinkmag ad

Read Previous

La 18 Motšeanong 2024

Read Next

La 20 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular