Vinkmag ad

La 15 Motšeanong 2024

Beke ea 7 ea Paseka

Laboraro

 Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (20,28-38)

 

“Ke le siea kalosong ea Morena ea nang le matla a ho aha le a ho fana ka lefa.”

Matsatsing ao, Paulosi o n’a bua le baholo ba Kereke ea Efese a re: Itlhokomeleng ‘me le hlokomele mohlape oo Moea o Halalelang o le behileng balebeli ba ona, hore le tle le alose Kereke ea Molimo, eo a e ruileng a malí a hae.

Kea tseba, ha ke se ke tlohíle ho tla kena har’a lona liphiri tse sehloho, tse hlokang mohau ho mohlape. Esita le har’a lona ho tla tsoha banna ba tla bolela tse khopo, e le hore ba hulele barutuoa ho bona. Ka baka leo, falimehang: le se lebale hore, ka lilemo tse tharo, ha kea ka ka phetsa ho eletsa e mong le e mong oa lona ka meokho nyene le bosiu.

Joale ke le siea kalosong ea Morena le paballong ea molaetsa oa mohau oa hae, eena ea nang le matla a ho aha le a ho fana ka lefa ho bohle bao a ba halalelitseng. Ha kea ka ka lakatsa silvera, kapa gauda, leha e le seaparo sa motho, joalokaha lona le tseba: hobane tseo ke ‘nileng ka li hloka ‘moho le bao ke nang le bona, matsoho ana a ka a li sebelitse.

Linthong tsohle ke ile ka le bontša hore le tšoanetse ho thusa ba fokolang ka ho sebetsa joalo, le ho hopola polelo eo Morena Jesu a e boletseng e le eena: Ho fana ke lehlohonolo le fetang la ho amohela.

Hoba Paulosi a bolele tsena, a khumama ‘moho le bona bohle ‘me a rapela. Bohle ba lla habohloko-hloko, ba mo kopa ka molala, ba mo aka, ba hlomohile ka baka la polelo eo a e boletseng, ha a re ha ba sa tla hlola ba bona sefahleho sa hae. Eaba ba mo felehetsa ho mo isa sekepeng.

PESALEMA 67 (29-30.33-36. R. 33)

BINELANG MOLIMO LONA MEBUSO EA LEFATšE.

Laela, Molimo, ka ho ea ka matla a hao,

matla a bomolimo

ao u a sebelisitseng ho re thusa,

‘me likhosi li tla u tlisetsa linyehelo

ka baka la tempele ea hao e Jerusalema.

Binelang Molimo, lona mebuso ea lefatše,

le roke Morena ka lifela,

Ananelang matla a Molimo,

ea phahameng ea renang holim’a Israele.

Matla a hae a marung;

Molimo oa tšabeha sehalalelong sa hae.

Ke eena Molimo oa Israele,

ea fang sechaba sa hae matla le tlholo

Ho bokoe Molimo!

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (17,11-19)

“Ba be ntho e le ‘ngoe joaloka rona.”

Ka nako eo, Jesu a lelaletsa mahlo holimo, a rapela a re: Ntate ea halalelang, boloka ka matla bao u ‘nehileng bona, hore ba be ntho e le ‘ngoe joaloka rona. Ha ke sa ntsane ke e-na le bona, ke ne ke ba boloka lebitsong la hao, bao u ‘nehileng bona. Ke ba bolokile, ‘me ha ho le ea mong oa bona ea lahlehileng, ha e se mor’a tahleho, hore Mangolo a phethahale.

Empa joale ke tla ho uena, ‘me ke bolela tsena ke sa le lefatšeng hore ba be le thabo ea ka ka ho bona ka mokhoa o tletseng.

Ke ba nehile molaetsa oa hao, ‘me lefatše le ba hloile kahobane ha se ba lona, joalokaha le ‘na ke se oa lefatše. Ha ke rapele hore u ba tlose lefatšeng, empa e le hore u ba sireletse ho E-mobe. Ha se ba lefatše joalokaha le ‘na ke se oa lefatše.

U ba halaletse ‘neteng: Lentsoe la hao ke ‘nete. Joalokaha u nthometse lefatšeng, le ‘na ke ba rometse lefatšeng. ‘Me ke ikhalaletsa ka baka la bona, hore le bona ba halaletsoe ‘neteng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 14 Motšeanong 2024

Read Next

La 16 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular