Vinkmag ad

La  10 Motšeanong 2024

Beke ea 6 ea Paseka

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola, (18,9-18)

“Batho ba bangata motseng ona ke ba sechaba sa ka.”

Bosiung bo bong, ha Paulosi a le Korinthe, Morena bua le eena ka pono, a re: U se ke ua tšaba, u mpe u bue, ‘me u se ke ua thola. Ke na le uena, ‘me ha ho motho ea tla u loantša le ho u etsa hampe, hobane batho ba bangata motseng ona ke ba sechaba sa ka, Paulosi a lula selemo le khoeli tse tšeletseng moo, a nts’a ruta Lentsoe la Molimo.
Eitse hoba Gallio a behoe ‘musi oa Akaia, Bajodi, ba utloana ho ea tšoara Paulosi. Ba mo isa khotla ba re: Motho enoa o kholisa batho ho sebeletsa Molimo ka mokhoa o fapakanang le molao. Ha eba le tlisa taba ea ho roba molao kapa ea molato o mong o moholo, nka le mamela lona Bajodi, kamoo e leng tšoanelo kateng. Empa ha eba tseko eo ke ea lipolelo, kapa ea mabitso leha e le ea tsa molao oa lona, ho iponele lona. ‘Na ha ke rate ho ba moahloli oa tsona.
‘Me a ba leleka khotla. Joale ba tšoara Sosthene hloho ea ntlo ea thapelo ‘me ba mo otla pel’a lekhotla. Gallio a sa tsotelle letho. Paulosi a lula moo matsatsi a mangata hape; a nt’o lumelisana le baena ‘me a tšelela Siria ka sekepe, a e-na le Priscilla le Aquila. O n’a kutile moriri oa hae Kenkre, kahobane o n’a entse kano.

PESALEMA 97 (1-4. R. 2)
MOLIMO KE KHOSI EA LEFATšE LOHLE. 

Opang liatla, lona lichaba tsohle,
etsetsang Molimo litlatse le mehoo ea thabo.
Hobane Morena ea holimo-limo oa tšabeha;
ke eena khosi e kholo ea lefatše lohle.

O beha lichaba tlas’a puso ea rona,
le merabe tlas’a maoto a rona. 
Ke eena ea re khethetseng lefa,
leo moratuoa oa hae Jakobo a ithorisang ka lona. 

Molimo o nyoloha har’a litlatse,
Morena har’a meletso ea literompeta.
Binelang Molimo oa rona, ‘mineleng;
binelang Morena oa rona, ‘mineleng. 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (16,20-23)

“Thabo ea lona ha ho motho ea tla le amoha eona.”

Ka nako eo Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ka ‘nete nete ke re ho lona, le tla lla le bokolle, athe lefatše le tla thaba. Le tla soaba, empa tšoabo ea lona e tla fetoha thabo. Mosali ha a beleha, o ee a utloe bohloko, hobane nako ea hae e fihlile: athe, ha a se a belehile, ha a sa hopola mahloko ka baka la thabo, ea ho ba le ngoana.
Le lona le hlomohile; empa ke tla boela ke le bona, ‘me lipelo tsa lona li tla thaba; ‘me thabo ea lona ha ho motho ea tla le amoha eona. Tsatsing leo ha le sa tla mpotsa letho.

Vinkmag ad

Read Previous

La 9 Motšeanong 2024

Read Next

La 11 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular