Vinkmag ad

La 1 Motšeanong 2024

Laboraro

MOKETE OA JOSEFA EA HALALELANG

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Kolosse. (3,14-15-17.23-24)

“Mosebetei ofe kapa ofe oa lona, le o etse ka pelo eohle, joaloka ho ja le sebeletsa Molimo, e seng batho.”

Bana beso! Ho feta tsohle, ebang le lerato, leo makhabane ohle a tlamahanngoang ka lona, ‘me phetheho e bopjoang ka lona. Khotso ea Kriste e ke e buse ka lipelong tsa lona: ke eo le bilelitsoeng ho eona, le le litho tsa ‘Mele o le mong. Hape le be le teboho.

Eng kapa eng eo le e buang kapa le e etsang, le e etse ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha Molimo Ntate ka eena.

Mosebetsi ofe kapa ofe oa lona, le o etse ka pelo eohle, joaloka hoja le sebeletsa Molimo, e seng batho. Se lebaleng hore Morena o tla le putsa ka ho le etsa majalefa. Sebeletsang Morena Kriste.

MORENA, ATLEHISA MOSEBETSI OA MATSOHO A RONA

Morena, u bile setšabelo sa rona

ho tloha molong ho isa molokong.

Pele lithaba li ka ba teng,

lefatše le lintho tsohle li e-s’o hlahe,

Ho tloha neng ho isa neng, ke uena Molimo.

u busetsa motho leroleng,

U re: boela moo u tsoang, ngoan’a Adama.

Mahlong a hao lilemo tse sekete

li ka letsatsi la maobane le seng le fetile,

li ka hora ea phalimeho ea bosiu.

Re rute ho hlophisa matsatsi a rona,

re tle re rue bohlale ba ‘nete.

Khutla, Morena, u liehela’ng?

qenehela bahlanka ba hao.

U re khorise mohau oa hao e sa le hoseng,

re tle re nyakalle,

re thaba bophelong bohle ba rona.

Bontša bahlanka ba hao mosebetsi oa hao,

le bana ba bona khanya ea hao.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (13,54-58)

“Na ha se eena mora oa ‘metli oa mapolanka? O li nkile kae tsena kaofela?”

Ka nako eo, Jesu a fihla motseng oa habo, a ruta batho tlung ea thapelo. Ba ne ba tsota ba re: Bohlale bona le mehlolo ena, enoa o li nkile kae? Na ha se eena mora oa ‘metli oa mapolanka? Na ‘m’ae ha se ea bitsoang Maria, le bana babo ha se Jakobo, Josefa, Simone le Juda? Le likhaitseli tsa hae tsohle ha li moo har’a rona? Ha ho le joalo, o li nkile kae tsena kaofela?

Ba ne ba khopiseha ka eena. Empa Jesu a re ho bona: Ha ho moo moprofeta a hlompholloang ha e se motseng oa habo le lapeng labo. ‘Me ka baka la ho se lumele ha bona, ha a ka a etsa mehlolo e mengata moo.

Vinkmag ad

Read Previous

Amahoro ke khotso le lerato

Read Next

La 2 Motšeanong 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular