Vinkmag ad

Tsebo mabapi le poloko

Mookameli oa Banka e Kholo ea Lesotho (CBL), Dr. Emmanuel Maluke Letete, ha sheba lipolokelo tsa Basotho li ka holimo ho 50Billione, ’me e  ka sebelisoa ho aha naha ea Lesotho. Tsena lihlaheletse thakholong ea letšolo la phano ea thuto ka tšebeliso e nepahetseng ea lichelete, Seterekeng sa Mohale’s Hoek, ka la 11 ‘Mesa monongoaha.

O re Basotho e sale e le batho tsebang ho boloka ho tloha khale, empa ha joale ho se ho e-na le mekhoa e mecha e ka sebelisoang.

Mohoo oa selemo sa 2024 ke “Boloka chelete ea hau, tseba ho e sebelisa.”

O re poloko ea chelete e thusa moruo oa naha, ka hona o ts’epa hore thuto ea matsatsi a robong e tla fuoa sechaba seterekeng sena e tla ba molemo.

O boletse hore qholotso ke hore ke batho ba sa tsebeng ho sebelisa chelete ebe ba qetella ba e alimme le litsing tse sa ngolisoang ka molao, qetellong ba ba le khatello ea maikutlo. O re itse joaloka libanka ha ba thuse batho ba alimang lichelete litsing tse joalo, ka hona batho ba itlhokomele khahlanong le bacha ba qhekellang batho ka marang-rang.

 O ipilelitse ho bohle ho ela hloko batho ba tlang ho bona ba ba nonosa borui bo tlang ka letsatsi. A qetella ka ho kopa Basotho ho khaotsa bolotsana ba ho fana ka lintlha tse sa nepahalang hobane ba shebile ho fumana chelete.

Lebitsong la litsi tse fanang ka litšebeletso tsa lichelete ka mehala ea thekeng, Mpho Mosotho, o lebohile Basotho ka ho atlehisa merero ea bona ea ho fihlisa litšebeletso sechabeng ka nako ka tšebeliso ea marang-rang.

 O re ba batalalitse mabala hore Basotho ba reke lihlahisoa life kapa life ba sebelisa mehala, joaloka mekhatlo ea ho boloka chelete le ho alima. Basotho ba be le lekunutu, ba se be botsoa ho ikisa litšebeletsong. A hlokomelisa batho ka baqhekanyetsi ba ikhakanyang eka ke basebetsi ba kamphani ea habo.

Lebitsong la Mekhatlo oa Likamphani tse fanang ka mekitlane kahar’a naha, Nthole Mojapela, o re taba ea ho etsa mekitlane ke ntho ea khale, kaha batho ba sebelisa chelete eo ho phetha litlhoko tsa mantlha tsa letsatsi le letsatsi.

Lebitsong la lefapha la litsi tsohle tsa lipenchele, ‘Mamotlohi Mochebelele, o supile hore matšolo a phano ea lichelete a bohlokoa kaha a ntlafatsa tsebo ea sechaba, ‘me bona ke balisa ba lichelete tsa baji tseo ba li fuoang nakong eo ba eang phomolong.

Lebitsong la mekhatlo ea bokena-lipakeng tsa baji le bafani ba litšebeletso tsa lichelete Rets’elisitsoe Leboela, o re ho bohlokoa hore ba eletse batho ho latela tšepo ea CBL ho bona.

Vinkmag ad

Read Previous

LEC e tla fuputsoa

Read Next

Amahoro ke khotso le lerato

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular