Vinkmag ad

LEC e tla fuputsoa

Letona la Matla Prof.  Nqosa Mahao, o re  tšebetso ea LEC ha e jese litheohelang, ka ntle hore ho nkoe likhato  tse hlokahalang tšebetsong  ea eona e tla tsoalla naha litlamorao tse bolutu. Tsena o li boletse tulong ea Ntlo ea Bakhethoa ka la 26 Tlhakubele monongoaha.

 

 O re ka khoeli ea Pherekhong  tlaleho ea Mohlahlobi oa Libuka kapel’a Komiti e lisitseng Tšebeliso ea Lichelete, e  supa hore tsamaiso ha e boemong bo botle kahar’a koporasi ena,  theko ea thepa e se nang ponaletso e nang le lithahasello, litefiso tse holimo  tsa  litšebeletso  tse fanoang ke  likamphani ho koporasi.

 A re bothata bo bong ke ba  baji ba litšebeletso tsa  kamphani ba  lefellang  litšebeletso ho basebetsi eseng koporasing,  litšebeletso tse sa hlakang  tsa li polokelo tsa likhoebo, ho se lefelloe ha mekoloto ea theko ea motlakase ho litsi tsa phehlo ea motlakase.

Mahao o bontšitse hore ho tloha ka selemo sa 2023 esale LEC e  qalella ho okha motlakase Ha Ramarothole ha e-s’o o lefelle ha e tjametsoe ke mokoloto o hakanyetsoang ho Billione  e ntseng e kolotoa setsi sa phehlo ea motlakase sa ‘Muela.

A re ba elelloa hore LEC e hloka ho hlophuoa bocha hore e ntlafale, ho  ntlafatsoe le taolo ea tšebetso ea eona ‘me  ha ba ntse ba inahanela tlhopho ba lokela ho tseba boemo boo kamphani e leng ho bona le tlhahlobo ‘me boitokisetso ba tšebetso ena bo se bo hatetse pele.

 A re lekala la habo le se le fihletse tumellano le Lekala la Lichelete hore le tla lefella  liphuputso tsena, tse tla etsoa ke Mohlahlobi e Moholo ‘me qetellong ho tla tsebahala hore na mehato e tla thusa ho hlophisa  tsamaiso ea LEC.

 Moetapele oa  Mokha oa Khoetsa ea Sechaba sa Basotho (PFD), Adv.  Lekhetho Rakuoane, o thoholelitse lekala  ka tšebetso ena eo le e fihletseng  ea hore ho etsoe tlhahlobo e ikemetseng ho koporasi ea motlakase, kaha e tla beha bophelo ba Basotho tsietsing.

 A re ho bohloko ho bona Basotho ba lefella litšebeletso  empa ba sa fumane tse matla. A re ho hlahlojoa ha koporasi ena ho tla imolla naha mekolotong e se nang thuso joaloka ea ho kolota motlakase e sa o lefelle.  A re  litlaleho tsa Mohlahlobi e Moholo oa Libuka ha li ka kenngoa ts’ebetsong le makaleng ho ka thusa naha ho imolloha ts’ebetsong tse se nang ponaletso.

Vinkmag ad

Read Previous

La 30 ‘Mesa 2024

Read Next

Tsebo mabapi le poloko

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular