Vinkmag ad

La 4 ‘Mesa 2024

Beke ea Paseka

Labone

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (3,11-26)

“Le ile la bolaea Mong’a bophelo, empa Molimo o ile a mo tsosa bafung.”

Matsatsing ao, ka ha monna ea neng a sa tsoa folisoa a n’a haneletse ho Peterosi le Joannes, sechaba kaofela sa mathela ho bona mathuleng a bitsoang a Salomone, se maketse haholo. Ha Peterosi a bona họo, a re ho sechaba: Banna ba Israele, le makaletse’ng? Le re hobolella’ng mahlo, joaloka ha eka ke ka matla a rõna kapa ka borapeli ba rona re entseng hore enoa a tsamaee. Molimo oa Abrahama, oa Isaaka le oa Jakobo, Molimo oa bo-ntat’a rõna o tlotlisitse Mohlanka oa hae Jesu, eo löna le ileng la fela la nehelana ka eena, la ba la mo latola pel’a Pilato, leha eena a n’a ahlotse ka hore a lokolloe. Athe lõna le ile la latola Ea halalelang ‘me ea lokileng, la kõpa ho lokolleloa monna oa ‘molai, ‘me la bolaea Mong’a bophelo. Empa Molimo o ile a mo tsosa bafung: rõna re lipaki tsa taba ena.

Joale, monna enoa, eo le ‘monang ‘me eo le mo tsebang, o matlafalitsoe ke lebitso la Jesu, ka ho lumela ho eena. Tumelo e tlang ka Jesu e mo file bophelo bo tletseng mahlong a lõna bohle.

Bana beso, kea tseba, le entse hoo ka ho se tsebe joaloka ‘ona marena a lõna. Ka mokhoa ona Molimo o phethile tseo a neng a li bolele e sa le pele ka molomo oa baprofeta bohle, tsa hore Kriste oa hae o n’a tla utloa bohloko. Bakang ke hona, ‘me le sokolohe, hore libe tsa lõna li hlakoloe, ho be ho fihle nako ea khatholoho e tsoang ho Morena, ‘me a romele eo le mo tsebisitsoeng, Jesu Kriste, eo leholimo le tšoanetseng ho mo amohela ho fihlela nako ea pusetso ea tsohle, e boletsoeng ke Molimo ka molomo oa baprofeta ba halalelang ba hae ha esale e le khale. Moshe o itse: Morena Molimo oa löna o tla le hlahisetsa moprofeta ea joaloka ‘na, ea tsoang har’a bana babo lõna: Le mo mamele linthong tsohle tseo a tla le bolella tsona. Mang le mang ea ke keng a mamela moprofeta eo, o tla timetsoa sechabeng.

Baprofeta bohle ba buileng ho qala ka Samuele bahlahlami ba hae ba boletse matsatsi ana. Lõna le bara ba baprofeta le ba selekane seo Molimo a se hlabileng le bo-ntat’a löna, ha a re ho Abrahama: Meloko eohle ea lefats’e e tla hlohonolofatsoa ka lesika la hao. Ke lona pele ho bohle, bao Molimo a hlahisitseng Mohlanka oa hae ka baka la bona, a mo romela ho le hlohonolofatsa, hore e mong le e mong a sokolohe bokhopong ba hae.

 

PESALEMA 8 (2.5-9.R.2)

MORENA MOLIMO OA RONA, LE BABATSEHA HAKAAKANG LEBITSO LA HAO LEFATŠENG LOHLE.

Morena, Molimo oa rona, le babatseha hakaakang

lebitso la hao lefatšeng lohle!

ke ipotsa, ke re: Ana motho etsoe e le eng,

Hona ngoan’a motho ke’ng

hore u mo nkele hlohong?

Leha ho le joalo,

u mo entse ea ka tlaasana họ mạnyeloi,

‘me u mo roesitse mofapahloho oa letlotlo le tlhompho.

U mo entse morena oa mesebetsi ea matsoho a hao,

u behile tsohle tlas’a maoto a hae:

linku le likhomo, kaofela ha tsona,

hammoho le liphoofolo tsa naha,

linonyana tsa leholimo, le lihlapi tsa leoatle,

tsohle tse chalakang le maliba.

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (24,35-48)

“Kriste o n’a tšoanela ho utloa bohloko le ho tsoha bafung ka tsatsi la boraro.”

Ka nako eo, Barutuoa ba ne ba bolela tse etsahetseng tseleng, le kamoo ba ileng ba tseba Jesu ngoathong ea bohobe kateng. Eare ba sa bua ka tseo, Jesu a ema kahar’a bona, a re: Khotso e be le lõna! Athe bona ba tšoaroa ke letsoalo le tšabo e kholo, ba hopola hore ba bona sethotsela. A re ho bona: Le ferekanetse’ng na? Le lipelaelo tse hlahang lipelong tsa löna ke tsa’ng? Bonang matsoho a ka le maoto a ka: ke ‘na ka sebele! Nkameng, le ikholise. Sethotsela ha se na ‘mele le masapo joaloka ha le mpona ke na le tsona.

Ha a ntse a bua joalo, a ba bontša matsoho le maoto a hae. Empa, ka ha ba ne ba e-s’o lumele ‘me ba sa maketse ka baka la thabo, a re ho bona: Na le na le ho hong mona ho ka jeoang?

Ba mo neha sekotoana sa hlapi e besitsoeng. A se nka ‘me a se ja, ba ntse ba mo shebile. A nt’o re ho bona: Ke tsena lipolelo tseo ke le boleletseng tsona ke sa ntsane ke e-na le löna, hore e ka khona ho phethahale tsohle tse ngotsoeng ka ‘na molaong oa Moshe, libukeng tsa baprofeta le lipesalemeng.

 

Joale a ba bula likelello, hore ba utloisise Mangolo, ‘me a re ho bona: Ho ne ho ngotsoe joalo, hore Kriste o tla tšoanela ho utloa bohloko ‘me a tsohe bafung ka tsatsi la boraro, hore, ka lebitso la hae, lichaba tsohle li rutoe pako, tšoarelong ea libe, ho qala Jerusalema. Joale löna le lipaki tsa tsona.

Vinkmag ad

Read Previous

La 3 ‘Mesa 2024

Read Next

La 5 ‘Mesa 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular