Vinkmag ad

La 3 ‘Mesa 2024

Beke ea Paseka

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (3,1-10)

“Seo ke nang le sona ke u fa sona: ka lebitso la Jesu ema, u tsamaee.”

Matsatsing ao, Peterosi le Joannes ba ile ba nyolohela Tempeleng bakeng la thapelo ea motšeare oa mantsiboea. Monna e mong eo e neng e le seritsa ho tloha tsoalong ea hae, o ne a jaroa ka tsatsi le leng le le leng, a behoe monyako oa Tempele o bitsoang o Motle, hore a tle a qele limpho ho ba kenang ka Tempeleng. Eitse ha a bona Peterosi le Joannes ba le haufi le ho kena ka Tempeleng, a ba kopa limpho. Eaba Peterosi, a e-na le Joannes, oa mo sheba, ‘me o re ho eena: Re talime. Eena a ba talima ka hloko, a lebeletse hore o tla fumana ho hong ho bona.

Empa Peterosi a re: Silvera le gauda ha ke na tsona; empa seo ke nang le sona, ke u fa sona: ka lebitso la Jesu Kriste oa Nazaretha, ema, u tsamaee. A nt’o mo tšoara ka letsoho le letona, a mo emisa. Ka nako le motsotso maoto a hae le maqaqailana a hae a tiea; a raoha, a ema, a tsamaea. A ba a kena le bona ka Tempeleng, a ntse a tsamaea, a tlolaka, a rorisa Molimo. Ba bile ba tseba hore ke eena ea neng a kokomala Monyakong o Motle oa Tempele a qela limpho. ‘Me ba tlaloa ke tšabo le ho hlolloa ka se mo hlahetseng.

 

PESALEMA 104 (1-4.6-9. R. Ps 32,5)

MOHAU A MORENA O TLETSE LEFATŠE.

Bokang Morena, rapelang lebitso la hae

le tumise liketso tsa hae lichabeng.

Mo bineleng, le mo roke,

le inahane ka tsohle tse tsotehang tsa hae.

Ithoriseng ka lebitso le halalelang la hae,

lipelo tsa ba batlang Morena li ke li thabe.

Batlang Morena le matla a hae,

thahasellang sefahleho sa hae ho se khaotso.

Lona, lesika la Abrahama, mohlanka oa hae,

lona, bana ba Jakobo, mokhethuoa oa hae.

Ke eena Morena, Molimo oa rona,

likahlolo tsa hae li aparela lefatše.

Ha a lebale selekane sa hae le ka mohla,

polelo eo a e etselitseng meloko e sekete,

selekane seo a se hlabileng le Abrahama,

le kano ea hae ho Isaaka.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (24,13-35)

“Ba ile ba mo tseba ngoathong ea bohohe.”

Ka nako eo, ba babeli ba barutuoa ba Jesu, ka lona letsatsi leo, le hlahlamang Sabbatha ba ne ba ea motsaneng o bitsoang Emmaus, sebaka sa listadia tse mashome a tšeletseng ho tloha Jerusalema. Ba ne ba qoqa ka litaba tsohle tse etsahetseng.

Ha ba ntse ba qoqa ‘me ba buisana joalo, Jesu ka sebele a atamela ‘me a tsamaea le bona. Empa mahlo a bona a ne a siretsoe hore ba se ke ba mo tseba. A re ho bona: Ke life taba tseo le ntseng le buisana ka tsona, ha le tsamaea eka le hloname tjee? E mong oa bona, ea bitsoang Kleofase, a araba, a re ho eena ke uena u le mong oa baahi ba Jerusalema, ea sa tsebeng tse etsahetseng teng matsatsing ana! Eena a re ho bona: Ke life?

Ba mo araba, ba re: Tsa Jesu oa Nazaretha eo e neng e le moprofeta ea matla liketsong le lipolelong pel’a Molimo le pel’a sechaba kaofela; le kamoo baprista ba baholo le marena a rona a ileng a mo neela ho ahloleloa lefu, ‘me a mo thakhisa. Rona re ne re tšepile hore e tla ba eena ea tla lopolla Israele. Empa holim’a tsena tsohle, kajeno, ke letsatsi la boraro tsena li etsahetse. Leha ho le joalo basali ba bang ba sehlopha sa rõna ba re tšositse. Ba ne ba ile lebitleng, ho sa le mara, ‘me ha ba ka ba fumana setopo sa hae, ba ba ba tla re bolella hore ba bone manyeloi a reng oa phela. Eaba ba bang ba rõna ba ea lebitleng, ‘me ba fumana ho le joaloka ha basali ba boletse: empa eena ba se ke ba mo fumana.

Eaba Jesu o re ho bona: Oho lithoto tse pelo li liehang ho lumela tsohle tse boletsoeng ke baprofeta! Hleka e ne e se tšoanelo hore Kriste a utloe mahloko ana ‘me a kene joalo letlotlong la hae na? ‘Me a qala ka Moshe ho isa ho baprofeta bohle, a nts’a ba hlalosetsa tseo Mangolo ‘ohle a li bolelang ka eena.

Eare ha ba atamela motsaneng oo ba neng ba ea ho oona, a etsa sa mokana a feta. Empa ba mo qophela, ba re: Lula le rona, hobane e se e le mantsiboea ‘me letsatsi le se le rapame. Eaba o kena le bona.

Joale ha a lutse le bona lijong, a nka bohobe, a bo hlohonolofatsa, a bo ngoatha, ‘me a ba neha bona. Mahlo a bona a tutuboloha ‘me ba mo tseba: empa a nyamela mahlong a bona. ‘Me ba buisana ba re: Ana lipelo tsa rona li ne li sa chese ka ho rona, ha a nts’a bua le rona tseleng, a re phuthollela Mangolo na? Ba ema hang-hang, ba boela Jerusalema. Teng ba fumana ba leshome le motso o mong le ba nang le bona ba phuthehile hammoho, ba re: Ke ‘nete, Morena o tsohile, ‘me o ile a iponahatsa ho Simone. ‘Me le bona ba ba phetela tse etsahetseng tseleng, le kamoo ba mo tsebileng kateng ngoathong ea bohobe.

Vinkmag ad

Read Previous

La 2 ‘Mesa 2024

Read Next

La 4 ‘Mesa 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular