Vinkmag ad

La 2 ‘Mesa 2024

Beke ea Paseka

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (2,36-41)

“Bakang ‘me e mong le e mong oa lona a hlatsuoe ka lebitso la Jesu.”

Ka letsatsi la Pentekonta, Peterosi a re ho Bajodi: Ntlo eohle ea Israele e ke e tsebisise hore Jesu, eo lona le mo thakhisitseng, Molimo o mo entse Morena le Kriste.

Ha batho ba utloa tsena, ba sisimoha habohloko, ‘me ba re ho Peterosi le ho baapostola ba bang: Re tla etsa joang, banna ba heso?

Peterosi a re ho bona: Bakang ‘me e mong le e mong oa lona a hlatsuoe ka lebitso la Jesu Kriste, le tle le fumane tšoarelo ea libe tsa lona: ‘me le tla amohela Moea o Halalelang. Hobane pallo e etselitsoe lõna le bana ba lõna, le bohle ba leng hole, mang le mang eo Morena Molimo oa rona a tla ‘mitsa.

Peterosi o n’a ba lemosa ‘me a ba khothatsa ka lipolelo tse ling tse ngata, a re: Ipholoseng ho moloko ona o khopo. Ba ileng ba lumela polelo ea hae ba ile ba hlatsuoa. Tsatsing lona lena ha eketsoa palo ea barutuoa ka batho ba ka bang likete tse tharo.

PESALEMA 32 (4-5.18-20.22. R. 5)

LEFATšE LOHLE LE TLETSE MOHAU 0A MORENA.

Lentsoe la Morena ke la ‘nete,

le mesebetsi eohle ea hae e tiile.

O rata toka, o hloka leeme,

Lefatše lohle le tletse mohau oa Morena.

Mahlo a Morena a holim’a ba mo tšabang,

ba tšepileng mohau oa hae,

hore a ba phemise lefu,

a ba baballele bophelo nakong ea tlala.

Meea ea rõna e lebella Morena,

ke eena thuso le thebe ea rona.

Mohau oa hao, Morena, o ke o be holim’a rõna,

joaloka ha re u tšepile.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (20,11-18)

“Ke bone Morena ‘me o mpoleletse tsena.”

Ka nako eo, Maria Magdalena o n’a eme pel’a lebitla a nts’a lla. Ha a nts’a lla joalo, a inama a nyarela ka lebitleng. A bona manyeloi a mabeli a apereng liaparo tse tšoeu, a lutse moo setopo sa Jesu se neng se beiloe teng, le leng hlohong, le leng maotong. A re ho eena: Mosali, u llela’ng? A re ho ‘ona: Ba tlositse Morena oa ka, ‘me ha ke tsebe moo ba ‘meileng teng.

Eare a sa rialo, a reteleha ‘me a bona Jesu a eme moo, empa a sa tsebe hore ke eena. Jesu a re ho eena: Mosali, u lellang? U batla mang? Eena, ka ho hopola hore ke molemi oa serapa, a re ho eena: Monghali, haeba ke uena ea mo nkileng, mpolelle moo u ‘mehileng teng, ‘me ke tla mo lata.

Jesu a re ho eena: Maria! Eena a reteleha, a re ho eena; Rabboni! Ke hore: Moruti! Jesu a re ho eena: U se ke ua nthetsa, hobane ha ke e-s’o nyolohele ho Ntate: empa u ee ho bana beso u re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, eo e leng Ntat’a löna, ho Molimo oa ka eo e leng Molimo oa lona.

Maria Magdalena a ea bolella barutuoa a re: Ke bone Morena, ‘me o mpoleletse tsena.

Vinkmag ad

Read Previous

La 1 ‘Mesa 2024

Read Next

La 3 ‘Mesa 2024

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular