Vinkmag ad

Morafo o khutlisetsa sechabeng

E le karolo ea ho khutlisetsa molemo sechabeng le ho phethahatsa e meng ea meralo ea morafo, Letšeng Diamond, e nehelane ka matloana a 76 metseng e meraro Seterekeng sa Mokhotlong, Pae-la-itlhatsoa, ka la 21 Tlhakubele monongoaha.

 Mookameli oa Morero oa  Phepelo ea Metsi Metseng, Mokhotlong, Chomeli Letata, o re litlhoko tsa Basotho li ngata empa e le hore ha ba na mokhoa oa ho li phethahatsa kaofela, joaloka ho anetsa metsi metseng eohle ka hona ba matlotlo hore ebe ba nahelane bathong ba tlokotsing. A re metsi ke tlhoko e kholo ho sechaba haholo a hloekileng.

Mookameli oa Letšeng Gideon Scheepers, o supile ho bohlokoa hore ba boloke bokamoso ba  sechaba le ho bona hore baballa lisebelisoa tsa bona kahar’a morafo.  O bontšitse ba itlamme ho ba le botšehetsi kahar’a litaba tsa sechaba le polokelong ba tla bonahala ka liketso eseng lipuo feela.

Moloraneng le  Patising ke e meng ea metse e filoeng matloana le metsi. A re ha ba tl’o etsa mosebetsi empa ba tla tšehetsa ka meralo e meng  ka ho etsa lintlafatso le ho hira Basotho ba se nang litsebo. A re ho na le  batho ba ratang ho nyefola le ho  theola seriti sa Letšeng, empa bona ba tla lula ba  tsoelapele ho tšehetsa mesebetsi ea lintlafatso.

 Mokanselara oa Sebaka  Pae-la-itlhatsoa, Manthethe Ntsiki   o re ba leboha morafo ka ho kenya letsoho l lintlafatsong tsa sechaba. O re ba qabana le sechaba ha ho se na letho le phethahalang, hobane bophelo bo hloka bohloeki ‘me matloana ke e ‘ngoe ea lintho tse tlo ba thusa.

 A re ba leboha lintlafatso tse entsoeng ke Letšeng hobane li fetotse bophelo ba bona, kaha ba ne ba hira litonki tsa bona ha ba etsa mesebetsi ena ea ntlafatso.

‘Musi oa Setereke sa Mokhotlong Kepa keqee, o re ba se ba bone ba maputolo a Letšeng metseng e fapakaneng seterekeng, a kang tlhahiso ea likhomo ho basali le banna ba ikopantseng le ho khothaletsa sechaba ho ikopanya.

A tsoelepele hore ba bolokile le baithuti ka ho ba ahela se seng sa likolo tikolohong eo lerako kaha baithuti ba ne ba tlola le teng. Hape o re ba entse litsela tsa moshoella sebakeng sa motsamao oa baithuti le sechaba. A leboha bosebeletsi  ba Letšeng le bohle ba thusang mesebetsing ea lintlafatso.

Vinkmag ad

Read Previous

La 30 Tlhakubele 2024

Read Next

CBL ke mohloli

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular